Jobo
19 Jobo a re:
4 Haeba kannete ke entse phoso,
Phoso ea ka ha e le ame ka letho.
5 Haeba le tsoela pele ho iphahamisetsa ’na,
Ka hore ebe le re ho lokile ha ke hlaheloa ke lintho tsena tse bohloko,
6 Tsebang hore ke Molimo ea nkhelositseng,
O ntšoasitse ka sefi seo a tsomang ka sona.
7 Ke ntse ke hoeletsa ke re, ‘Ke tšoeroe hampe!’ empa ha ho na motho ea arabang.+
Ke ntse ke kopa thuso empa ha ho na toka.+
8 O koetse tsela ea ka ka lerako le entsoeng ka majoe ’me ha ke khone ho feta,
O koahetse litsela tsa ka ka lefifi.+
9 O entse hore ke se ke ka hlompheha
’Me a tlosa korone hloohong ea ka.
10 O ntlhasela ka mahlakore ’ohle ho fihlela ke shoa,
Tšepo ea ka o e fothola joaloka sefate.
12 Masole a hae aa ikopanya ebe aa nthibella,
A hloma litente ho potoloha tente ea ka.
15 Makhoba a ka a basali le baeti ba ka tlung ea ka+ ba nkuka ke le motho eo ba sa mo tsebeng,
Ke molichaba mahlong a bona.
16 Ke bitsa mohlanka oa ka empa ha a arabe,
Ke mo kopa hore a nqenehele.
23 Haeba feela mantsoe a ka a ne a ka ngoloa fatše,
Haeba feela a ne a ka ngoloa bukeng!
24 Hoja a ne a ka ngoloa ka ho sa feleng lefikeng,
Ka pene ea tšepe le ka loto!
26 Ka mor’a hore letlalo la ka le senyehe,
Ha ke sa ntse ke phela, ke tla bona Molimo,
27 Ke tla iponela eena,
Mahlo a ka a tla mo bona, eseng a motho e mong.+
Empa ka hare ho ’na ke imetsoe.*
28 Kaha le re, ‘Re mo hlorisa ka tsela efe?’+
Joalokaha eka bothata ke ’na.