Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ezekiele 32
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

Kakaretso ea Ezekiele

      • Pina ea koli-ea-malla e bineloang Faro le Egepeta (1-16)

      • Egepeta e tla patoa le batho ba sa bollang (17-32)

Ezekiele 32:2

Linaletsana

  • *

    Kapa: “pina e binoang ka lebaka la ho utloa bohloko.”

  • *

    Ka Seheberu: “linokeng tsa bona.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Esa 51:9, 10; Eze 29:3

Ezekiele 32:4

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 29:5

Ezekiele 32:5

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 31:12

Ezekiele 32:6

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “Likotopo li tla tlala mali a hao.”

Ezekiele 32:7

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Esa 13:1, 10

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (1988),

    10/15/1988, leq. 17

Ezekiele 32:8

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (1988),

    10/15/1988, leq. 17

Ezekiele 32:9

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 29:12; 30:26

Ezekiele 32:11

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jer 43:10, 11; 46:25, 26; Eze 30:24

Ezekiele 32:12

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 30:10, 11; Hab 1:6
  • +Eze 29:19

Ezekiele 32:13

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 30:12
  • +Eze 29:8, 11

Ezekiele 32:15

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ps 107:33, 34; Eze 29:12
  • +Eze 30:26

Ezekiele 32:16

Linaletsana

  • *

    Kapa: “pina e binoang ka lebaka la ho utloa bohloko.”

Ezekiele 32:20

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 29:8

Ezekiele 32:21

Linaletsana

  • *

    Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Ezekiele 32:22

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Esa 37:36; Zak 10:11

Ezekiele 32:24

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ge 10:22; Jer 49:34, 35

Ezekiele 32:26

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ge 10:2; Eze 38:2

Ezekiele 32:27

Linaletsana

  • *

    Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

  • *

    Mohlomong ho buuoa ka masole a patiloeng le lisabole tsa ’ona e le ho a hlompha.

Ezekiele 32:29

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ge 25:30; Esa 34:5; Eze 25:12, 13; Amo 1:11; Ob 1; Mal 1:4
  • +Jer 9:25, 26

Ezekiele 32:30

Linaletsana

  • *

    Kapa: “Baeta-pele.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ge 10:15; Eze 28:21

Ezekiele 32:31

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 31:16

Libibele tse Ling

Penya nomoro ea temana ho hlahisa liphetolelo tse ling tsa temana eo.

Litemana Tse Ling

Ezek. 32:2Esa 51:9, 10; Eze 29:3
Ezek. 32:4Eze 29:5
Ezek. 32:5Eze 31:12
Ezek. 32:7Esa 13:1, 10
Ezek. 32:9Eze 29:12; 30:26
Ezek. 32:11Jer 43:10, 11; 46:25, 26; Eze 30:24
Ezek. 32:12Eze 30:10, 11; Hab 1:6
Ezek. 32:12Eze 29:19
Ezek. 32:13Eze 30:12
Ezek. 32:13Eze 29:8, 11
Ezek. 32:15Ps 107:33, 34; Eze 29:12
Ezek. 32:15Eze 30:26
Ezek. 32:20Eze 29:8
Ezek. 32:22Esa 37:36; Zak 10:11
Ezek. 32:24Ge 10:22; Jer 49:34, 35
Ezek. 32:26Ge 10:2; Eze 38:2
Ezek. 32:29Ge 25:30; Esa 34:5; Eze 25:12, 13; Amo 1:11; Ob 1; Mal 1:4
Ezek. 32:29Jer 9:25, 26
Ezek. 32:30Ge 10:15; Eze 28:21
Ezek. 32:31Eze 31:16
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Bala le Phetolelo ea Lefatše le Lecha (bi12)
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
  • 28
  • 29
  • 30
  • 31
  • 32
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Ezekiele 32:1-32

Ezekiele

32 Ka letsatsi la pele la khoeli ea bo12, ka selemo sa bo12, Jehova a bua le ’na hape a re: 2 “Mor’a motho, binela Faro morena oa Egepeta koli-ea-malla* u re,

‘U ne u tšoana le taoana e matla har’a lichaba

Empa ho ile ha etsoa hore u thole.

U ne u tšoana le phoofolo e kholohali ea leoatle,+ u hasa metsi hohle linokeng tsa hao,

U ile oa silafatsa metsi ka maoto a hao oa ba oa bapalla linokeng.’*

 3 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re:

‘Ke tla etsa hore lichaba tse ngata li u koahele ka letlooa la ka,

Li tla u hulela ka har’a letlooa la ka le tšoasang litlhapi.

 4 Ke tla u lahlela naheng.

Ke u siee naheng e se nang letho.

Ke tla etsa hore linonyana tsohle li lule holim’a hao,

Ke be ke etse hore libata tsohle tsa lefatše li u je li be li khore.+

 5 Ke tla lahlela nama ea hao lithabeng

Ke be ke tlatse likhohlo ka e setseng.+

 6 Ke tla kolobisa lefatše ka mali a hao ho fihlela holimo lithabeng,

A tla tlala le melatsoaneng.’*

 7 ‘Ha ke u felisa, ke tla koahela maholimo ke be ke etse hore linaleli tsa ’ona li be lefifi.

Ke tla koahela letsatsi ka maru

Le khoeli e ke ke ea khanya.+

 8 Ke tla fifatsa mehloli eohle ea leseli maholimong ka lebaka la hao

Hape ke tla koahela naha ea hao ka lefifi,’ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.

 9 ‘Ke tla utloisa batho ba bangata bohloko ha ke isa batšoaruoa ba hao lichabeng tse ling,

Linaheng tseo u sa li tsebeng.+

10 Ke tla etsa hore lichaba tse ngata li tšohe haholo

Le marena a tsona a thothomele ke tšabo ha ke u bolaea ka sabole ka pel’a ’ona.

Letsatsing leo ke u felisang ka lona, lichaba li tla lula li tšohile,

Motho e mong le e mong a tšohetse bophelo ba hae.’

11 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re:

‘Morena oa Babilona o tla u bolaea ka sabole.+

12 Ke tla etsa hore sechaba sa hao se bolaoe ka lisabole ke masole a matla,

A khopo ka ho fetisisa lichabeng tsohle.+

A tla felisa boikhohomoso ba Egepeta a be a felise le sechaba sohle sa eona.+

13 Ke tla felisa liphoofolo tsohle tsa eona tse pel’a metsi a mangata,+

Ha ho na leoto la motho kapa la phoofolo le tla a silafatsa hape.’+

14 ‘Ka nako eo, ke tla hloekisa metsi a eona,

Ke etse hore linoka tsa eona li phalle joaloka oli,’ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.

15 ‘Ha ke tlosa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e Egepeta, ke etsa hore naha e sale e se na letho+

Ebile ke felisa baahi bohle ba eona,

Ba tla tseba hore ke ’na Jehova.+

16 Ena ke koli-ea-malla* ’me batho ba tla e bina.

Barali ba lichaba ba tla e bina.

Ba tla e binela naha ea Egepeta le sechaba sohle sa eona,’ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.”

17 Ka letsatsi la bo15 la khoeli ka selemo sa bo12, Jehova o ile a boela a re ho ’na: 18 “Mor’a motho, llela sechaba sa Egepeta u se bolelle hore sona le batho ba lichaba tse ling tse matla, ba tla theoleloa lebitleng hammoho le batho bohle ba shoeleng.

19 ‘U nahana hore u feta mang ka botle? Tsamaea u e’o robala lebitleng le batho ba sa bollang.’

20 ‘Ba tla shoella har’a batho ba bolailoeng ka sabole.+ O bolailoe ka sabole, mo huleleng hole hammoho le sechaba sohle sa hae.

21 Masole a matla a tla bua le eena le bathusi ba hae ka tlase Lebitleng.* Ba tla robala lebitleng joaloka batho ba sa bollang ba bolailoeng ka sabole. 22 Asiria le eona e moo le sechaba sohle sa eona. E pota-potiloe ke mabitla a batho ba eona ba bolailoeng ka sabole.+ 23 Mabitla a Asiria a sekoting se tebileng le batho bohle ba eona ba bolailoeng ka sabole, ba pota-potile lebitla la eona hobane ha ba ntse ba phela, ba ne ba tšosa batho.

24 Naha ea Elame+ le batho bohle ba eona ba bolailoeng ka sabole ba pota-potile lebitla la Asiria. Ba ile ba theohela lebitleng ba sa bolla ’me ha ba ntse ba phela, ba ne ba tšosa batho. Empa joale ba tla hlajoa ke lihlong hammoho le batho ba theohelang lebitleng le bona. 25 Ba etselitse naha ea Elame bethe har’a batho ba bolailoeng ’me batho bohle ba eona ba potolohile mabitla a eona. Batho bohle ba bolailoeng ka sabole ha baa bolla. Ba bolailoe ka sabole hobane ba ne ba tšosa batho ha ba ne ba ntse ba phela. Ba tla hlajoa ke lihlong hammoho le batho ba theohelang lebitleng le bona. Naha ea Elame e behiloe le batho ba bolailoeng.

26 Mesheke le Tubale+ le tsona li moo hammoho le lichaba tsohle tsa tsona. Mabitla a tsona a e potolohile. Batho ba lichaba tseo kaofela ba ne ba sa bolla ’me ba bolailoe ka sabole hobane ha ba ntse ba phela, ba ne ba tšosa batho. 27 Ba tla robala le masole a matla a sa bollang a ileng a bolaoa, a theoletsoeng Lebitleng* le libetsa tsa ’ona tsa ntoa. Lisabole tsa masole ao li tla behoa tlas’a lihlooho tsa ’ona* le libe tsa ’ona li behoe masapong a ’ona hobane ha a ntse a phela, a ile a tšosa batho. 28 Empa uena u tla felisoa le batho ba sa bollang ’me u robale le batho ba bolailoeng ka sabole.

29 Edomo+ e moo le marena le likhosana tsohle tsa eona, bao le hoja ba neng ba le matla ba ileng ba robatsoa le batho ba bolailoeng ka sabole. Le bona ba tla patoa ka lebitleng le batho ba sa bollang+ le ba bolailoeng.

30 Likhosana* tsohle tsa leboea le Basidone+ bohle ba moo. Le hoja ba ne ba le matla ebile ba tšosa batho, ba ile ba theoleloa lebitleng ba soabile le batho ba bolailoeng. Ba tla patoa ba sa bolla hammoho le batho ba bolailoeng ka sabole ebile ba tla tlotloloha ha ba patoa le batho ba shoeleng.

31 Ha Faro a bona lintho tsena tsohle, o tla tšeliseha ka se etsahalletseng sechaba sa hae.+ Faro o tla bolaoa ka sabole hammoho le masole ’ohle a hae,’ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.

32 ‘Faro le lichaba tsohle tsa hae ba tla bolaoa hammoho le batho ba sa bollang ba bolailoeng ka sabole hobane ba ne ba tšosa batho,’ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela