Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ezekiele 33
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

Kakaretso ea Ezekiele

      • Mesebetsi ea molebeli (1-20)

      • Litaba tse buang ka ho oa ha Jerusalema (21, 22)

      • Molaetsa o eang ho baahi ba metse e sentsoeng (23-29)

      • Batho ha ba mamele molaetsa (30-33)

        • Ezekiele o “joaloka pina e monate ea lerato” (32)

        • “Moprofeta o ne a le teng har’a bona” (33)

Ezekiele 33:2

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 3:11
  • +Le 26:25; Eze 6:3; 21:9

Ezekiele 33:3

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jer 4:5; Hos 8:1

Ezekiele 33:4

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jer 6:17; Zak 1:4
  • +Eze 3:19; Lik 18:6

Ezekiele 33:6

Linaletsana

  • *

    Kapa: “ke tla batla mali a hae ho molebeli.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Esa 56:10
  • +Eze 3:18

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    “Lengolo Lohle,” leq. 137

Ezekiele 33:7

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Esa 21:8; Jer 1:17; Eze 3:17

Ezekiele 33:8

Linaletsana

  • *

    Kapa: “ke tla batla bophelo ba hae ho uena.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Esa 3:11; Eze 18:4
  • +Pr 11:21

Ezekiele 33:9

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pr 15:10
  • +Eze 3:19; Lik 18:6

Ezekiele 33:10

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 26:39; Esa 64:6; Eze 24:23
  • +Eze 37:11

Ezekiele 33:11

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 18:23; 1Ti 2:3, 4
  • +Esa 31:6; Lu 15:10
  • +Ps 130:7, 8
  • +Esa 55:7; Jer 3:22; 25:5; Lik 3:19
  • +Eze 18:31; 2Pe 3:9

Ezekiele 33:12

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 3:20; 18:24
  • +1Ma 8:48, 50; Eze 18:21
  • +Eze 18:26

Ezekiele 33:13

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Pe 2:20
  • +Eze 18:4

Ezekiele 33:14

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Esa 55:7; Eze 18:21; Mik 6:8

Ezekiele 33:15

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 22:26
  • +Le 6:2, 4; Eze 22:29
  • +Le 18:5; Eze 18:27

Ezekiele 33:16

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “Libe tsa hae li ke ke tsa hopoloa.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Esa 1:18
  • +Eze 20:11

Ezekiele 33:18

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Heb 10:38; 2Pe 2:20

Ezekiele 33:19

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 18:27

Ezekiele 33:20

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 18:25, 29

Ezekiele 33:21

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 24:25-27
  • +2Ma 25:4; 2Kr 36:17; Jer 39:2

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    “Lengolo Lohle,” leq. 136

Ezekiele 33:22

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “letsoho.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 3:26

Ezekiele 33:24

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jer 39:10; Eze 36:4
  • +Ge 12:7

Ezekiele 33:25

Linaletsana

  • *

    Polelo ena ea Seheberu e ka amana le lentsoe “bolokoe” ’me e sebeliselitsoe ho bontša ho hloea.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ge 9:4; Le 17:12
  • +Eze 22:6

Ezekiele 33:26

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Sof 3:3
  • +Jer 5:8
  • +De 4:26; Jos 23:15

Ezekiele 33:27

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jer 42:22; Eze 5:12

Ezekiele 33:28

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Kr 36:20, 21; Esa 6:11; Jer 44:2
  • +Eze 6:3

Ezekiele 33:29

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jer 9:11; 25:11
  • +2Ma 17:9; 2Kr 36:14

Ezekiele 33:30

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jer 18:18

Ezekiele 33:31

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Esa 29:13; Jer 44:16, 17

Ezekiele 33:33

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 2:5

Libibele tse Ling

Penya nomoro ea temana ho hlahisa liphetolelo tse ling tsa temana eo.

Litemana Tse Ling

Ezek. 33:2Eze 3:11
Ezek. 33:2Le 26:25; Eze 6:3; 21:9
Ezek. 33:3Jer 4:5; Hos 8:1
Ezek. 33:4Jer 6:17; Zak 1:4
Ezek. 33:4Eze 3:19; Lik 18:6
Ezek. 33:6Esa 56:10
Ezek. 33:6Eze 3:18
Ezek. 33:7Esa 21:8; Jer 1:17; Eze 3:17
Ezek. 33:8Esa 3:11; Eze 18:4
Ezek. 33:8Pr 11:21
Ezek. 33:9Pr 15:10
Ezek. 33:9Eze 3:19; Lik 18:6
Ezek. 33:10Le 26:39; Esa 64:6; Eze 24:23
Ezek. 33:10Eze 37:11
Ezek. 33:11Eze 18:23; 1Ti 2:3, 4
Ezek. 33:11Esa 31:6; Lu 15:10
Ezek. 33:11Ps 130:7, 8
Ezek. 33:11Esa 55:7; Jer 3:22; 25:5; Lik 3:19
Ezek. 33:11Eze 18:31; 2Pe 3:9
Ezek. 33:12Eze 3:20; 18:24
Ezek. 33:121Ma 8:48, 50; Eze 18:21
Ezek. 33:12Eze 18:26
Ezek. 33:132Pe 2:20
Ezek. 33:13Eze 18:4
Ezek. 33:14Esa 55:7; Eze 18:21; Mik 6:8
Ezek. 33:15Ex 22:26
Ezek. 33:15Le 6:2, 4; Eze 22:29
Ezek. 33:15Le 18:5; Eze 18:27
Ezek. 33:16Esa 1:18
Ezek. 33:16Eze 20:11
Ezek. 33:18Heb 10:38; 2Pe 2:20
Ezek. 33:19Eze 18:27
Ezek. 33:20Eze 18:25, 29
Ezek. 33:21Eze 24:25-27
Ezek. 33:212Ma 25:4; 2Kr 36:17; Jer 39:2
Ezek. 33:22Eze 3:26
Ezek. 33:24Jer 39:10; Eze 36:4
Ezek. 33:24Ge 12:7
Ezek. 33:25Ge 9:4; Le 17:12
Ezek. 33:25Eze 22:6
Ezek. 33:26Sof 3:3
Ezek. 33:26Jer 5:8
Ezek. 33:26De 4:26; Jos 23:15
Ezek. 33:27Jer 42:22; Eze 5:12
Ezek. 33:282Kr 36:20, 21; Esa 6:11; Jer 44:2
Ezek. 33:28Eze 6:3
Ezek. 33:29Jer 9:11; 25:11
Ezek. 33:292Ma 17:9; 2Kr 36:14
Ezek. 33:30Jer 18:18
Ezek. 33:31Esa 29:13; Jer 44:16, 17
Ezek. 33:33Eze 2:5
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Bala le Phetolelo ea Lefatše le Lecha (bi12)
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
  • 28
  • 29
  • 30
  • 31
  • 32
  • 33
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Ezekiele 33:1-33

Ezekiele

33 Jehova a bua le ’na a re: 2 “Mor’a motho, bua le sechaba sa heno+ u re,

‘A re re ke tl’o bolaea batho naheng ka sabole+ ebe batho bao kaofela ba khetha motho a le mong eo e tla ba molebeli oa bona, 3 ha a ntse a katile ebe o bona sera se tla, o letsa lenaka ho lemosa sechaba.+ 4 Haeba motho a utloa molumo oa lenaka empa a sa etse letho+ ebe oa bolaoa, o tla ikarabella ka lefu la hae.+ 5 O utloile molumo oa lenaka empa ha aa etsa letho. O tla ikarabella ka lefu la hae. A ka be a sa shoa hoja a mamela.

6 Empa haeba molebeli a bona sera se tla ebe ha a letse lenaka+ ho lemosa sechaba ’me sera se bolaea motho e mong, motho eo o tla shoa ka lebaka la libe tsa hae empa molebeli o tla ba molato.*+

7 Mor’a motho, ke u khethile hore u be molebeli oa Baiseraele. Ha u utloa lentsoe la ka, u ba lemose.+ 8 Haeba nka bolella moetsalibe hore o tla shoa+ ebe ha u mo lemose le ho mo bolella hore a tlohele ho etsa lintho tse mpe, o tla shoa e ntse e le moetsalibe ka lebaka la libe tsa hae+ empa ke tla u nka u le molato bakeng sa mali a hae.* 9 Empa haeba u mo lemosa hore a tlohele ho etsa lintho tse mpe ebe oa hana, o tla shoa ka lebaka la libe tsa hae+ empa uena u tla pholosoa.’+

10 Mor’a motho, e-re ho Baiseraele, ‘Le ile la re: “Libe tsa rona le taba ea hore re ile ra u fetohela li re imetse ebile li re utloisa bohloko haholo.+ Joale ke joang re ka tsoelang pele re phela?”’+ 11 Ba bolelle hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re, ‘Kea ikana hore ha ke thabele ho bona motho ea khopo a shoa+ empa ke thabela hore a fetole litsela tsa hae+ e le hore a tsoele pele a phela.+ Baiseraele, tlohelang lintho tse mpe+ tseo le li etsang e le hore le se ke la shoa.’+

12 Mor’a motho, e-re ho sechaba sa heno, ‘Lintho tse ntle tseo motho ea lokileng a li etsang, li ke ke tsa mo pholosa haeba a mphetohela+ le motho ea khopo a ke ke a shoa ka lebaka la lintho tse mpe tseo a neng a li etsa haeba a li tlohela.+ Motho ea lokileng le eena ha a etsa sebe, a ke ke a tsoela pele a phela ka lebaka la lintho tse ntle tseo a neng a li etsa.+ 13 Ha ke re ho motho ea lokileng: “U ke ke oa shoa” ebe o itšepa ho tlola hoo a etsang ntho e mpe,+ lintho tse ntle tseo a li entseng li ke ke tsa hopoloa empa o tla shoa ka lebaka la ntho e mpe eo a e entseng.+

14 Empa ha ke re ho motho ea khopo: “U tla shoa” ebe o tlohela lintho tse mpe tseo a neng a li etsa ’me o etsa tse ntle,+ 15 o khutlisa lintho tseo a li nkileng ho motho ea mo kolotang+ le tseo a li utsoitseng+ a bile a mamela melao e etsang hore motho a phele ka hore a se ke a etsa lintho tse mpe, a ke ke a shoa empa o tla tsoela pele a phela.+ 16 O tla tšoareloa libe tseo a li entseng pele.*+ Kaha o se a etsa lintho tse ntle, o tla tsoela pele a phela.’+

17 Empa sechaba sa heno se itse, ‘Jehova ha a etse lintho ka toka’ empa e le sona se sa etseng lintho ka toka.

18 Ha motho ea lokileng a tlohela ho etsa lintho tse ntle ebe o etsa lintho tse mpe, o lokela ho shoa ka lebaka la tsona.+ 19 Empa ha motho ea khopo a fetoha ’me a tlohela ho etsa lintho tse mpe, a e-na le toka a bile a etsa tse ntle, o tla tsoela pele a phela ka lebaka la tsona.+

20 Empa le itse, ‘Jehova ha a etse lintho ka toka.’+ Lona Baiseraele, ke tla ahlola e mong le e mong oa lona ho ea ka liketso tsa hae.”

21 Ha nako e ntse e ea, ka letsatsi la bohlano la khoeli ea leshome ka selemo sa bo12 re le botlamuoeng, monna ea phonyohileng Jerusalema o ile a tla ho ’na+ a re: “Motse o lihiloe!”+

22 Bosiu pele monna eo a tla ho ’na, moea o halalelang* oa Jehova o ile oa tla ho ’na, oa mpula molomo pele monna eo a fihla hoseng. Ho tloha ka nako eo, ke ile ka khona ho bua.+

23 Jehova a bua le ’na a re: 24 “Mor’a motho, baahi ba libaka tse sentsoeng+ ba re ka naha ea Iseraele, ‘Abrahama o ne a le mong feela empa o ile a fuoa naha ena.+ Rona re bangata, e tlameha ebe naha ena e se e fuoe rona.’

25 Ka lebaka leo, ba bolelle hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Le ja nama e nang le mali,+ le kopa thuso ho litšoantšo tsa lona tse rapeloang tse nyonyehang* ebile le ntse le bolaea batho.+ Joale na le lokela ho fuoa naha? 26 Le tšepile lisabole tsa lona,+ le etsa lintho tse nyonyehang ’me kaofela ha lona le robala le basali ba baahisani ba lona.+ Joale na le lokela ho fuoa naha?”+

27 U re ho bona, Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Kea ikana hore batho ba lulang metseng e sentsoeng ba tla bolaoa ka sabole, ba lulang naheng e se nang letho bona ke tla fana ka bona e le lijo ho libata tsa naha ’me ba lulang libakeng tse sireletsehileng le mahaheng ba tla bolaoa ke maloetse.+ 28 Ke tla etsa hore naha e se ke ea e-ba le letho ho hang+ le boikhohomoso ba eona bo felisoe. Lithaba tsa Iseraele li tla senyeha,+ ha ho na motho ea tla khona ho feta ho tsona. 29 Ba tla tseba hore ke ’na Jehova ha ke etsa hore naha e se ke ea e-ba le letho+ ka lebaka la lintho tsohle tse nyonyehang tseo ba li entseng.”+

30 Uena mor’a motho, batho ba heno ba ntse ba bua ka uena pel’a marako le menyako ea matlo a bona.+ Ba ntse ba buisana, e mong o re ho e mong, ‘A re ee re e’o utloa hore na Jehova o re’ng.’ 31 Ba tla lula ka pel’a hao ba le bangata joalokaha eka ke batho ba ka, ba tla utloa ha u bua le bona empa ba ke ke ba etsa seo u se buang.+ Ba bua mantsoe a monate ho uena empa ka lipelong ba meharo ea ho fumana lintho ka bolotsana. 32 Ho bona u joaloka pina e monate ea lerato, e binoang ka lentsoe le monate, e letsoang ka seletsa se likhoele se letsoang hamonate. Ba tla utloa ha u bua le bona empa ba ke ke ba etsa seo u se buang. 33 Ha boprofeta bona bo phethahala hobane kannete bo tla phethahala, ba tla tseba hore moprofeta o ne a le teng har’a bona.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2022)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2023 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela