Numere
33 Ena e ne e le mekhahlelo ea leeto la Baiseraele ha ba ne ba tsoa naheng ea Egepeta+ ka lihlopha tsa bona*+ ba tataisoa ke Moshe le Arone.+ 2 Moshe a ’na a tlaleha libaka tseo ba tlohang ho tsona ka mekhahlelo ea leeto la bona ho ea ka taelo ea Jehova. Ena ke mekhahlelo ea leeto la bona ho tloha sebakeng se seng ho ea ho se seng:+ 3 Ba tloha Ramsese+ ka khoeli ea pele, letsatsing la bo15 la khoeli.+ Letsatsi feela ka mor’a Paseka,+ Baiseraele ba tloha ba sa tšoha letho* Baegepeta bohle ba ntse ba ba shebile. 4 Ka nako eo, Baegepeta ba ne ba pata matsibolo ’ohle ao Jehova a neng a a bolaile har’a bona+ hobane Jehova o ne a ahlotse melimo ea bona ’me a e file kotlo.+
5 Kahoo, Baiseraele ba tloha Ramsese ’me ba hloma litente tsa bona Sukothe.+ 6 Joale ba tloha Sukothe ’me ba hloma litente tsa bona Ethame,+ e moeling oa lefeella. 7 Ka mor’a moo ba tloha Ethame ’me ba khutlela Pihahirothe, e ka pel’a Baale-zefone+ ’me ba hloma litente tsa bona ka pel’a Migdole.+ 8 Ka mor’a moo, ba tloha Pihahirothe ’me ba feta har’a leoatle+ ho ea lefeelleng.+ Ba tsamaea leeto la matsatsi a mararo lefeelleng la Ethame+ eaba ba hloma litente tsa bona Mara.+
9 Joale ba tloha Mara ’me ba fihla Elime. Elime ho ne ho e-na le liliba tse 12 tsa metsi le lifate tsa lipalema tse 70, kahoo, ba hloma litente tsa bona teng.+ 10 Ka mor’a moo ba tloha Elime ’me ba hloma litente tsa bona pel’a Leoatle le Lefubelu. 11 Ka mor’a moo, ba tloha Leoatleng le Lefubelu ’me ba hloma litente tsa bona lefeelleng la Sine.+ 12 Joale ba tloha lefeelleng la Sine ’me ba hloma litente tsa bona Dofeka. 13 Hamorao ba tloha Dofeka ’me ba hloma litente tsa bona Alushe. 14 Ka mor’a moo, ba tloha Alushe ’me ba hloma litente tsa bona Refidime,+ moo ho neng ho se na metsi hore sechaba se noe. 15 Ka mor’a moo, ba tloha Refidime ’me ba hloma litente tsa bona lefeelleng la Sinai.+
16 Ba tloha lefeelleng la Sinai ’me ba hloma litente tsa bona Kibrothe-hatava.+ 17 Joale ba tloha Kibrothe-hatava ’me ba hloma litente tsa bona Hazerothe.+ 18 Ka mor’a moo, ba tloha Hazerothe ’me ba hloma litente tsa bona Rithma. 19 Ka mor’a moo, ba tloha Rithma ’me ba hloma litente tsa bona Rimone-pereze. 20 Joale ba tloha Rimone-pereze ’me ba hloma litente tsa bona Libna. 21 Ba tloha Libna ’me ba hloma litente tsa bona Risa. 22 Ka mor’a moo, ba tloha Risa ’me ba hloma litente tsa bona Kehelatha. 23 Joale ba tloha Kehelatha ’me ba hloma litente tsa bona Thabeng ea Shefere.
24 Ka mor’a moo, ba tloha Thabeng ea Shefere ’me ba hloma litente tsa bona Harada. 25 Joale ba tloha Harada ’me ba hloma litente tsa bona Makhelothe. 26 Ka mor’a moo, ba tloha+ Makhelothe ’me ba hloma litente tsa bona Tahathe. 27 Ka mor’a moo, ba tloha Tahathe ’me ba hloma litente tsa bona Tera. 28 Joale ba tloha Tera ’me ba hloma litente tsa bona Mithka. 29 Hamorao ba tloha Mithka ’me ba hloma litente tsa bona Hashmona. 30 Ka mor’a moo, ba tloha Hashmona ’me ba hloma litente tsa bona Moserothe. 31 Joale ba tloha Moserothe ’me ba hloma litente tsa bona Bene-jakane.+ 32 Ba tloha Bene-jakane ’me ba hloma litente tsa bona Hore-hagidegade. 33 Ka mor’a moo, ba tloha Hore-hagidegade ’me ba hloma litente tsa bona Jotbatha.+ 34 Hamorao ba tloha Jotbatha ’me ba hloma litente tsa bona Abrona. 35 Joale ba tloha Abrona ’me ba hloma litente tsa bona Ezione-gebere.+ 36 Ka mor’a moo, ba tloha Ezione-gebere ’me ba hloma litente tsa bona lefeelleng la Zine+ e leng Kadeshe.
37 Hamorao ba tloha Kadeshe ’me ba hloma litente tsa bona Thabeng ea Hore,+ moeling oa naha ea Edomo. 38 Moprista Arone a nyolohela Thabeng ea Hore ka taelo ea Jehova ’me a shoela teng selemong sa bo40 ka mor’a hore Baiseraele ba tsoe naheng ea Egepeta, ka khoeli ea bohlano, ka letsatsi la pele la khoeli.+ 39 Arone o ne a le lilemo li 123 ha a shoela Thabeng ea Hore.
40 Joale morena oa Arade+ oa Mokanana ea neng a lula Negebe naheng ea Kanana, a utloela hore Baiseraele baa tla.
41 Ka mor’a nako ba tloha Thabeng ea Hore+ ’me ba hloma litente tsa bona Zalmona. 42 Ka mor’a moo, ba tloha Zalmona ’me ba hloma litente tsa bona Punone. 43 Ka mor’a moo, ba tloha Punone ’me ba hloma litente tsa bona Obothe.+ 44 Joale ba tloha Obothe ’me ba hloma litente tsa bona Iye-abarime, moeling oa Moabe.+ 45 Hamorao ba tloha Iyime ’me ba hloma litente tsa bona Dibone-gade.+ 46 Ka mor’a moo, ba tloha Dibone-gade ’me ba hloma litente tsa bona Almone-diblathaime. 47 Joale ba tloha Almone-diblathaime ’me ba hloma litente tsa bona lithabeng tsa Abarime+ pel’a Nebo.+ 48 Qetellong ba tloha lithabeng tsa Abarime ’me ba hloma litente tsa bona lehoatateng la Moabe pel’a Jordane haufi le Jeriko.+ 49 Ba hloma litente tsa bona pel’a Jordane, ho tloha Bethe-jeshimothe ho ea fihla Abele-shitime,+ lehoatateng la Moabe.
50 Jehova a bua le Moshe lehoatateng la Moabe pel’a Jordane haufi le Jeriko a re: 51 “Bua le Baiseraele u re ho bona, ‘Tšelelang ka nģ’ane ho Jordane, le ee naheng ea Kanana.+ 52 Le leleke baahi bohle ba naha ka pel’a lona ’me le senye majoe ’ohle a bona a betliloeng+ le litšoantšo tsohle tsa bona tsa tšepe*+ ’me le lokela ho senya libaka tsohle tsa bona tse phahameng tse halalelang.+ 53 Le hape naha eo ’me le lule ho eona hobane ke tla le fa naha eo hore e be ea lona.+ 54 Le arolele malapa a lona naha eo ka lotho+ hore e be ea lona. Sehlopha se nang le batho ba bangata le se ekeletse lefa ’me le fokotse lefa la sehlopha se senyenyane.+ Lefa la e mong le e mong le tla ba moo lotho ea hae e oelang teng. Le tla fumana karolo ea lona ea naha e le lefa ho ea ka maloko a bo-ntate ba lona.+
55 Leha ho le joalo, haeba le sa leleke baahi ba naha eo ka pel’a lona,+ bao le ba lumellang hore ba phele le lona, ba tla ba joaloka ntho e fahlang ka mahlong a lona le meutloa ’meleng ea lona* ’me ba tla le tšoenya naheng eo le tla lula ho eona.+ 56 Ke tla le fa kotlo eo ke neng ke rerile ho ba fa eona.’”+