35 A etsa lesira+ ka tšoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu le khoele e ’mala o sekareleta oa kokase le line ea boleng bo botle e lohiloeng. A le etsa le e-na le likerubime tseo e leng mosebetsi oa mokhabisi ea rokellang.+
21 A kenya Areka ka har’a tabernakele ’me a beha lesira+ la tšireletso sebakeng sa lona ’me a thibela hore ho se ke ha fihloa arekeng ea bopaki,+ feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
2 Jehova a re ho Moshe: “Bua le moholoane oa hao Arone, hore ha aa lokela ho tla ka linako tsohle sebakeng se halalelang+ ka har’a lesira,+ ka pel’a sekoahelo se holim ’a Areka, hore a se ke a shoa;+ hobane ke tla hlaha holim ’a sekoahelo+ ka leru.+