Levitike
16 Jehova a bua le Moshe ka mor’a lefu la bara ba babeli ba Arone ka lebaka la ho atamela ha bona ka pel’a Jehova hoo ba ileng ba shoa.+ 2 Jehova a re ho Moshe: “Bua le moholoane oa hao Arone, hore ha aa lokela ho tla ka linako tsohle sebakeng se halalelang+ ka har’a lesira,+ ka pel’a sekoahelo se holim ’a Areka, hore a se ke a shoa;+ hobane ke tla hlaha holim ’a sekoahelo+ ka leru.+
3 “Arone a kene sebakeng se halalelang+ le tse latelang: pohoana bakeng sa nyehelo ea sebe+ le pheleu bakeng sa nyehelo ea secheso.+ 4 A apare seaparo se selelele sa ka holimo se halalelang sa line,+ ’me leqapa+ la line le lokela ho ba ’meleng oa hae, a itlame ka leqhama+ la line ’me a ithatele ka tuku ea line.+ Ke liaparo tse halalelang.+ A itlhatsoe ’mele metsing+ ebe oa li apara.
5 “O lokela ho nka lipotsanyane tse peli tse tona phuthehong ea bara ba Iseraele+ bakeng sa nyehelo ea sebe+ le pheleu e le ’ngoe bakeng sa nyehelo ea secheso.+
6 “Arone a hlahise poho ea nyehelo ea sebe, bakeng sa hae,+ ’me a koahele libe+ molemong oa hae+ le oa ntlo ea hae.+
7 “A nke lipōli tse peli ’me a li emise ka pel’a Jehova monyako oa tente ea pokano. 8 Arone a lahle lotho+ bakeng sa lipōli tse peli, lotho e ’ngoe bakeng sa Jehova le lotho e ’ngoe bakeng sa Azazele.+ 9 Arone a hlahise pōli eo lotho+ e oetseng ho eona bakeng sa Jehova, ’me a e etse nyehelo ea sebe.+ 10 Empa pōli eo lotho e oetseng ho eona bakeng sa Azazele e lokela ho emisoa e phela ka pel’a Jehova ho koahela libe tsa eona, e le hore e romeloe+ lefeelleng bakeng sa Azazele.+
11 “Arone a hlahise poho ea nyehelo ea sebe, bakeng sa hae, ’me a koahele libe molemong oa hae le oa ntlo ea hae; ’me a hlabe poho ea nyehelo ea sebe, bakeng sa hae.+
12 “A nke pane+ ea mollo e tletseng mashala a tukang a mollo a tsoang aletareng+ ka pel’a Jehova, ’me liatla+ tsa hae ka bobeli li tlale libano tse tšesaane tse nkhang hamonate,+ ’me a li tlise ka har’a lesira.+ 13 A boele a tšele libano holim ’a mollo ka pel’a Jehova,+ ’me leru la libano le koahele sekoahelo+ sa Areka, se holim ’a Bopaki,+ hore a se ke a shoa.
14 “A nke mali+ a mang a poho ’me a a fafatse ka monoana ka pel’a sekoahelo se lehlakoreng le ka bochabela, ’me o tla fafatsa+ mali a mang ka monoana ka makhetlo a supileng ka pel’a sekoahelo.+
15 “A hlabe pōli ea nyehelo ea sebe, bakeng sa sechaba,+ ’me a tlise mali a eona ka har’a lesira+ ’me a etse ka mali+ a eona ka tsela e tšoanang le kamoo a entseng kateng ka mali a poho; a a fafatse nģ’a sekoahelo le ka pel’a sekoahelo.
16 “A koahele libe tsa sebaka se halalelang malebana le ho se hloeke+ ha bara ba Iseraele le malebana le bofetoheli ba bona libeng+ tsohle tsa bona; ke tsela eo a tla etsa ka eona bakeng sa tente ea pokano, e lutseng le bona ka har’a ho se hloeke ha bona.
17 “Ha ho motho e mong ea lokelang ho ba ka har’a tente ea pokano ha a kena ho ea koahela libe sebakeng se halalelang ho fihlela a tsoa; ’me a koahele libe molemong oa hae+ le molemong oa ntlo ea hae le molemong oa phutheho eohle ea Iseraele.+
18 “A tsoele aletareng,+ e ka pel’a Jehova, ’me a koahele libe tsa eona, ’me a nke mali a poho le mali a pōli ’me a a tlotse manakeng a aletare ho potoloha.+ 19 Hape a fafatse+ mali holim ’a eona ka monoana ka makhetlo a supileng ’me a e hloekise ’me a e halaletse ho se hloekeng ha bara ba Iseraele.
20 “Ha a qetile ho koahela libe+ tsa sebaka se halalelang le tente ea pokano le aletare, a boele a hlahise pōli e phelang.+ 21 Arone a behe matsoho+ a hae a mabeli hloohong ea pōli e phelang ’me a bolele+ holim ’a eona liphoso+ tsohle tsa bara ba Iseraele le bofetoheli ba bona libeng+ tsohle tsa bona, ’me a li behe hloohong ea pōli+ ’me a e lokolle hore e tsamaee ho ea lefeelleng+ ka letsoho la motho+ ea itokisitseng. 22 Pōli eo e tla jara liphoso+ tsohle tsa bona ho li isa naheng ea lehoatata,+ ’me a lokolle pōli hore e ee lefelleng.+
23 “Arone a kene ka tenteng ea pokano ’me a hlobole liaparo tsa line tseo a li apereng ha a kena sebakeng se halalelang, ’me a li behe fatše moo.+ 24 A itlhatsoe ’mele ka metsi+ sebakeng se halalelang+ ’me a apare liaparo+ tsa hae ’me a tsoe ’me a fane ka nyehelo ea hae ea secheso+ le nyehelo ea secheso+ ea sechaba ’me a koahele libe molemong oa hae le molemong oa sechaba.+ 25 O tla etsa hore mafura a nyehelo ea sebe a kubelle aletareng.+
26 “Ha e le ea+ lokolotseng pōli hore e tsamaee bakeng sa Azazele,+ o lokela ho hlatsoa liaparo tsa hae, ’me a itlhatsoe ’mele ka metsi,+ ’me ka mor’a moo a ka kena liahelong.
27 “Leha ho le joalo, o tla re ho isoe poho ea nyehelo ea sebe le pōli ea nyehelo ea sebe ka ntle ho liahelo, tseo mali a tsona a tlisitsoeng bakeng sa ho koahela libe sebakeng se halalelang; ’me ba chese matlalo a tsona le linama tsa tsona le bolokoe ba tsona mollong.+ 28 Ea li chesitseng o lokela ho hlatsoa liaparo tsa hae, ’me a itlhatsoe ’mele metsing, ’me ka mor’a moo a ka kena liahelong.
29 “E tla ba taelo e hlomamisitsoeng ho isa nakong e sa lekanyetsoang bakeng sa lōna:+ Ka khoeli ea bosupa ka la leshome la khoeli+ le lokela ho hlorisa meea+ ea lōna, ’me le se ke la etsa mosebetsi+ leha e le ofe, ebang ke letsoalloa kapa mojaki ea lutseng e le mojaki har’a lōna. 30 Etsoe ka letsatsi lena ho tla koaheloa libe+ bakeng sa lōna ho phatlalatsa hore le hloekile. Le tla hloeka libeng tsohle tsa lōna ka pel’a Jehova.+ 31 Ke sabatha+ ea phomolo e feletseng ho lōna, ’me le lokela ho hlorisa meea ea lōna. Ke taelo e hlomamisitsoeng ho isa nakong e sa lekanyetsoang.
32 “Moprista ea tla tlotsoa+ le eo letsoho la hae le tla tlatsoa matla hore a sebetse e le moprista+ e le mohlahlami+ oa ntat’ae a koahele libe ’me a apare liaparo tsa line.+ Ke liaparo tse halalelang.+ 33 A koahele libe tsa sehalalelo,+ le tsa tente+ ea pokano ’me a koahele libe tsa aletare;+ o tla koahela libe+ tsa baprista le tsa sechaba sohle sa phutheho. 34 Sena e tla ba taelo e hlomamisitsoeng ho isa nakong e sa lekanyetsoang bakeng sa lōna,+ e le ho koahela libe tsa bara ba Iseraele malebana le libe tsohle tsa bona hang ka selemo.”+
Tumellanong le hoo a etsa feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.