Baheberu
6 Ka lebaka lena, kaha joale re tlohetse thuto ea mathomo+ mabapi le Kreste,+ a re hateleng pele ka matla khōlong e feletseng,+ re sa behe motheo hape,+ e leng, pako mesebetsing+ e shoeleng, le tumelo ho Molimo,+ 2 thuto ea likolobetso+ le peho ea matsoho,+ tsoho ea bafu+ le kahlolo e sa feleng.+ 3 Hona re tla ho etsa, haeba Molimo a ho lumella.+
4 Etsoe ho ke ke ha khoneha mabapi le ba kileng ba behoa leseling+ hang le ka ho ke keng ha phetoa, le ba latsoitseng mpho+ e sa lefelloeng ea leholimo, le ba fetohileng ba nang le kabelo moeeng o halalelang,+ 5 le ba latsoitseng+ lentsoe le letle la Molimo le matla a tsamaiso ea lintho+ e tlang, 6 empa e le ba oeleng,+ ho ba tsosolosetsa hape pakong,+ hobane ba khokhothela Mora oa Molimo thupeng bocha ’me ba mo pepesetsa ho hlabisoa lihlong+ phatlalatsa. 7 Ka mohlala, mobu o noang pula e tlang hangata holim ’a oona, le oo joale o hlahisang limela tse loketseng bakeng sa bao o lengoang+ ka lebaka la bona, ka ho tšoanang o amohela tlhohonolofatso e tsoang ho Molimo. 8 Empa haeba o hlahisa meutloa le hlabahlabane, oa lahloa ’me o haufi le ho rohakoa;+ o felella ka hore o chesoe.+
9 Leha ho le joalo, tabeng ea lōna, baratuoa, re kholisehile ka lintho tse molemo le lintho tse tsamaeang le poloko, le hoja re bua ka tsela ena. 10 Etsoe Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso+ la hae, ka hore le sebelelitse bahalaleli+ ’me le tsoela pele ho sebeletsa. 11 Empa re lakatsa hore e mong le e mong oa lōna a bontše mafolofolo a tšoanang e le hore a be le kholiseho+ e feletseng ea tšepo+ ho fihlela bofelong,+ 12 e le hore le se ke la noaboloha,+ empa le be baetsisi+ ba bao ka tumelo le ho se fele pelo ba ruang litšepiso.+
13 Etsoe ha Molimo a etsa tšepiso ea hae ho Abrahama,+ kaha o ne a ke ke a hlapanya ka mang kapa mang e moholo, o ile a hlapanya+ ka eena ka boeena, 14 a re: “Kea u tiisetsa ho hlohonolofatseng ke tla u hlohonolofatsa, ’me ho atiseng ke tla u atisa.”+ 15 Kahoo ka mor’a hore Abrahama a bontše ho se fele pelo, o ile a fumana tšepiso ena.+ 16 Etsoe batho ba hlapanya ka e moholo,+ ’me kano ea bona e felisa phehisano e ’ngoe le e ’ngoe, kaha ke tiiso ea molao ho bona.+ 17 Ka mokhoa ona, ha Molimo a rera ho bontša majalefa+ a tšepiso ka ho eketsehileng haholo ho se fetohe+ ha morero oa hae, o ile a kenella ka kano, 18 e le hore, ka lintho tse peli tse sa fetoheng tseo ho tsona e leng ho ke keng ha khoneha hore Molimo a bue leshano,+ rōna ba balehetseng setšabelong re ka ba le khothatso e matla ea ho tšoarella tšepong+ e behiloeng ka pel’a rōna. 19 Re na le tšepo+ ena e le ankora bakeng sa moea, e le ea ’nete ’me e le e tiileng, ’me e kena ka lesireng,+ 20 moo Jesu, pula-maliboho a keneng molemong oa rōna,+ eo e bileng moprista ea phahameng ho ea ka mokhoa oa Melkizedeke ka ho sa feleng.+