Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 4:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 Eaba Jehova o tsoela pele ho re ho Moshe: “Ha u se u ile ’me u khutletse Egepeta u bone hore u etsa mehlolo eohle eo ke e behileng matsohong a hao ka pel’a Faro.+ Ha e le ’na, ke tla tlohela pelo ea hae hore e be manganga;+ ’me a ke ke a tlohela sechaba hore se tsamaee.+

  • Exoda 8:32
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 32 Leha ho le joalo, Faro a etsa hore pelo ea hae e se ke ea arabela le lekhetlong lena ’me ha aa ka a tlohela sechaba hore se tsamaee.+

  • Exoda 14:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Ha e le ’na, bona! ke tlohela lipelo tsa Baegepeta hore li be manganga,+ e le hore ba kene ka mor’a bona e le hore ke itlotlise ka Faro le lebotho lohle la hae la sesole, likoloi tsa hae tsa ntoa le banna ba hae ba palameng lipere.+

  • Joshua 11:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Etsoe e ile ea e-ba tsela ea Jehova ho lumella hore lipelo tsa eona li be manganga+ e le hore e ka phatlalatsa ntoa khahlanong le Baiseraele, e le hore a ka e nehela timetso, hore e se ke ea amoheleha,+ empa e le hore a ka e felisa, feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.+

  • 2 Likronike 36:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 A fetohela esita le Morena Nebukadnezare,+ ea neng a mo hlapantšitse ka Molimo;+ a ’na a satalatsa+ molala ’me a thatafatsa+ pelo e le hore a se ke a khutlela ho Jehova Molimo oa Iseraele.

  • Pesaleme 75:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  5 Le se ke la phahamisetsa manaka a lōna holimo.

      Le se ke la bua ka melala e ikakasang.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela