8 “Nka molamu+ ’me u bokelle phutheho, uena le moholoane oa hao Arone, ’me le bue le lefika ka pel’a mahlo a bona e le hore ruri le fane ka metsi a lona; le ba ntšetse metsi lefikeng ’me le fe phutheho le lipelesa tsa eona se nooang.”+
15 ea u tsamaisitseng lefeelleng le leholo le le tšabehang,+ le nang le linoha tse chefo+ le liphepheng le mobu o nyoriloeng o se nang metsi; ea u ntšelitseng metsi lefikeng le thata;+
15 Ua ba fa bohobe bo tsoang leholimong ha ba lapile,+ ua ba hlahisetsa metsi a tsoang lefikeng ha ba nyoriloe,+ ’me ua tsoela pele ho ba bolella hore ba kene+ ’me ba rue naha eo u neng u phahamisitse letsoho la hao ka kano hore u tla ba fa eona.+
21 Ha baa ka ba nyoroa+ ha a ne a etsa hore ba tsamaee libakeng tse ripitliloeng.+ O ile a etsa hore metsi a phalle lefikeng bakeng sa bona, eaba o petsola lefika e le hore metsi a ka phalla.”+
4 ’me kaofela ba ile ba noa seno se tšoanang sa moea.+ Etsoe ba ne ba noa lefikeng la moea+ le neng le ba latela, ’me lefika+ leo le ne le bolela Kreste.+