10 Ruri le lokela ho mo fa,+ ’me lipelo tsa lōna ha lia lokela ho ba lekhonatha ha le mo fa, hobane ke ka lebaka lena Jehova Molimo oa lōna a tlang ho le hlohonolofatsa ketsong e ’ngoe le e ’ngoe ea lōna le mosebetsing o mong le o mong oa lōna.+
38 Itloaetseng ho fana, ’me batho ba tla le fa.+ Ba tla tšela likotleng tsa liaparo tsa lōna tekanyo e ntle, e hlohliloeng, e hlokohliloeng le e tšolohang. Etsoe tekanyo eo le lekanyang ka eona, ba tla le lekanyetsa ka eona ka ho tšoanang.”+
17 Empa mang kapa mang ea nang le mokhoa oa lefatše lena oa ho tšehetsa bophelo+ ’me a bona mor’abo a hloka+ leha ho le joalo a mo koalla monyako oa qenehelo ea hae e bonolo,+ lerato la Molimo le lula ka tsela efe ho eena?+