6 Eaba Joshua o hahola liaparo tsa hae tsa ka holimo ’me o itihela fatše ka sefahleho+ ka pel’a areka ea Jehova ho fihlela ka shoalane, eena le banna ba baholo ba Iseraele, ba ’na ba ithunthetsa ka lerōle lihloohong.+
19 Joale Tamare a itšela ka molora+ hloohong, a hahola seaparo se selelele sa ka holimo se metsero seo a neng a se apere; a lula a behile matsoho hloohong+ ’me a qala ho tsamaea, a tsamaea a ntse a bokolla.
32 Eitse ha Davida a fihla tlhōrōng ea thaba moo batho ba neng ba tloaetse ho inamela Molimo teng, Hushai+ Moareke+ o ne a tlil’o mo khahlanyetsa, seaparo sa hae se selelele sa ka holimo se hahotsoe ’me a le mobu hloohong.+
9Letsatsing la mashome a mabeli a metso e mene la khoeli ena+ bara ba Iseraele ba bokana hore ba itime lijo+ ba apere masela a mokotla+ ’me ba itšetse ka mobu.+
12 Ha e phahamisa mahlo e le hōle ha ea ka ea mo tseba ka nako eo. Ea phahamisa mantsoe ’me ea lla eaba e mong le e mong o hahola+ seaparo sa hae se se nang matsoho ’me o hasanyetsa lerōle maholimong eaba le oela lihloohong tsa bona.+