18 U hopole Jehova Molimo oa hao, hobane ke eena ea u fang matla a ho etsa leruo;+ e le hore a phethe selekane sa hae seo a hlapanyelitseng baholo-holo ba hao ka sona, joaloka letsatsing lena.+
12 Maruo+ le khanya+ li teng ka lebaka la hao, ’me u laola+ ntho e ’ngoe le e ’ngoe; letsohong la hao ho na le matla+ le bonatla,+ ’me letsohong la hao ho na le bokhoni ba ho hōlisa+ le ho fana ka matla ho bohle.+
9 Eaba Amazia+ o re ho monna oa Molimo oa ’nete: “Empa ho ka etsoa’ng ka litalenta tse lekholo tseo ke li fileng lihlopha tsa masole a Iseraele?”+ Eaba monna oa Molimo oa ’nete o re: “Jehova o na le mokhoa oa ho u fa se sengata ho feta sena.”+