11 Lisebelisoa tsohle tsa khauta le tsa silevera li ne li le likete tse hlano le makholo a mane. Sheshebazare+ a nyolla ntho e ’ngoe le e ’ngoe, hammoho le ho ntša batho ba neng ba le kholehong+ Babylona hore ba ee Jerusalema.
1Ka selemo sa bobeli sa Morena Dariuse,+ ka khoeli ea botšelela, ka letsatsi la pele la khoeli, lentsoe la Jehova la hlaha ka moprofeta Hagai+ le e-ea ho Zorobabele+ mora oa Shalatiele,+ ’musisi oa Juda,+ le ho moprista ea phahameng Joshua+ mora oa Jozadake,+ le re:
14 Jehova a tsosa moea+ oa Zorobabele mora oa Shalatiele, ’musisi oa Juda, le moea oa moprista ea phahameng Joshua+ mora oa Jozadake, le moea oa bohle ba setseng ba sechaba; ’me ba qala ho kena le ho etsa mosebetsi ka tlung ea Jehova oa mabotho Molimo+ oa bona.