13 Bara ba bona ba sa kang ba tseba ba lokela ho mamela,+ ’me ba tla ithuta ho tšaba Jehova Molimo oa lōna ka matsatsi ’ohle ao le phelang ka ’ona naheng eo le tšelang Jordane ho ea e rua.”+
6 Ka ho fana ka likeletso tsena ho barab’abo rōna u tla ba mosebeletsi ea khabane oa Kreste Jesu, ea fepiloeng ka mantsoe a tumelo le a thuto+ e ntle eo u e latetseng haufi-ufi.+
9 ea tšoarellang ka tieo lentsoeng le tšepahalang mabapi le tsebo ea hae ea ho ruta,+ e le hore a ka khona ho eletsa ka thuto e phelisang hantle+ hammoho le ho khalemela+ ba hanyetsang.