Tite
Ho Tite
1 Pauluse, lekhoba+ la Molimo le moapostola+ oa Jesu Kreste ho ea ka tumelo ea bakhethoa+ ba Molimo le tsebo e nepahetseng+ ea ’nete+ e lumellanang le boinehelo+ ba bomolimo 2 motheong oa tšepo ea bophelo bo sa feleng+ boo Molimo, ea ke keng a bua leshano,+ a ileng a bo tšepisa pele ho linako tse tšoarellang halelele,+ 3 athe ka linako tsa hae tse loketseng o ile a bonahatsa lentsoe la hae boboleling bo ileng ba behoa tlhokomelong+ ea ka, tlas’a taelo ea Mopholosi oa rōna,+ Molimo; 4 ho Tite, ngoana+ oa ’nete ho ea ka tumelo e kopanetsoeng ke bohle:
E se eka ho ka ba le mosa o sa tšoanelang le khotso e tsoang ho Molimo Ntate+ le Kreste Jesu Mopholosi oa rōna.+
5 Ke ka lebaka lena ke ileng ka u siea Kreta,+ e le hore u ka lokisa lintho tse neng li e-na le moo li haelloang le hore u ka beha+ banna ba baholo motseng o mong ka mor’a o mong, joalokaha ke ile ka u fa litaelo;+ 6 haeba ho e-na le monna leha e le ofe eo ho seng seo a qosoang+ ka sona, monna oa mosali+ a le mong, ea nang le bana ba lumelang ba sa qosoeng ka ho inehella litakatso tsa nama kapa ho se laolehe.+ 7 Etsoe molebeli o lokela hore a se ke a ba le seo a qosoang+ ka sona joaloka motsamaisi+ oa tsa Molimo, e se ke ea e-ba ea ngangellang thato ea hae,+ e se ke ea e-ba ea ratang ho halefa,+ e se ke ea e-ba ea likomang tsa botahoa,+ e se ke ea e-ba ea otlang,+ e se ke ea e-ba ea meharo ea leruo la ho se tšepahale,+ 8 empa e be ea amohelang baeti,+ ea ratang molemo, ea hlaphohetsoeng kelellong,+ ea lokileng, ea tšepahalang,+ ea itšoarang,+ 9 ea tšoarellang ka tieo lentsoeng le tšepahalang mabapi le tsebo ea hae ea ho ruta,+ e le hore a ka khona ho eletsa ka thuto e phelisang hantle+ hammoho le ho khalemela+ ba hanyetsang.
10 Etsoe ho na le banna ba bangata ba sa laoleheng, babua-bui+ ba se nang molemo, le bathetsi ba kelello, haholo-holo banna ba khomarelang lebollo.+ 11 Hoa hlokahala ho koala melomo ea bana, kaha banna bana ba tsoela pele ba senya malapa+ a feletseng ka ho ruta lintho tseo ba sa tšoanelang ho li ruta ka lebaka la leruo la ho se tšepahale.+ 12 E mong oa bona, moprofeta oa bona, o ile a re: “Bakreta kamehla ba leshano, ke libata tse kotsi,+ menyollo e hlokang mosebetsi.”
13 Bopaki bona ke ’nete. Ka lebaka lena u ’ne u ba khalemele ka tieo,+ e le hore ba ka phela hantle+ tumelong, 14 ba sa ele hloko litšōmo+ tsa Bajuda le litaelo tsa banna+ ba iphurallisang ’nete.+ 15 Lintho tsohle li hloekile ho batho ba hloekileng.+ Empa ho batho ba silafetseng+ le ba se nang tumelo+ ha ho letho le hloekileng, empa likelello tsa bona hammoho le matsoalo+ a bona a silafetse. 16 Ba bolela phatlalatsa hore ba tseba Molimo,+ empa ba mo latola ka mesebetsi ea bona,+ hobane ba manyala ’me ha ba mamele ’me ha ba amohelehe+ bakeng sa mosebetsi o molemo oa mofuta leha e le ofe.