29 Molimo a tsoela pele ho fa Solomone bohlale+ le kutloisiso+ ka tekanyo e khōlō haholo le pelo e pharaletseng,+ joaloka lehlabathe le lebōpong la leoatle.+
17 Empa bohlale+ bo tsoang holimo pele ho tsohle bo hloekile,+ hape bo na le khotso,+ kahlolo e molemo,+ bo itokiselitse ho mamela, bo tletse mohau le litholoana tse molemo,+ ha bo khetholle ka leeme,+ ha bo na boikaketsi.+