8 O tla metsa lefu ka ho sa feleng,+ ’me ka sebele ’Musi Morena Jehova o tla hlakola meokho lifahlehong tsohle.+ O tla tlosa nyeliso ea batho ba hae lefatšeng lohle,+ etsoe Jehova o boletse hoo.
26 Empa malebana le bafu, hore baa tsosoa, na ha lea ka la bala bukeng ea Moshe, tlalehong e mabapi le sehlahla se meutloa, kamoo Molimo a ileng a re ho eena, ‘Ke ’na Molimo oa Abrahama le Molimo oa Isaka le Molimo oa Jakobo’?+
14 Etsoe haeba tumelo ea rōna ke hore Jesu o ile a shoa eaba o tsoha hape,+ kahoo, hape, ba robetseng lefung ka Jesu Molimo o tla ba tlisa hammoho le eena.+