7 Etsoe serapa+ sa morara sa Jehova oa mabotho ke ntlo ea Iseraele, ’me batho ba Juda ke sebaka se lenngoeng seo a neng a se rata.+ O ile a ’na a lebella kahlolo,+ empa, bonang! tlōlo ea molao; a lebella ho loka, empa, bonang! mohoo.”+
5E-eang le solle literateng tsa Jerusalema, joale, le bone, ’me le tsebe, le ipatlele mapatlelong a eona hore na le ka fumana motho,+ hore na ho na le mang kapa mang ea etsang toka,+ le mang kapa mang ea batlang botšepehi,+ ’me ke tla mo tšoarela.