13 Qetello ea taba, ha ntho e ’ngoe le e ’ngoe e se e utloiloe, ke ena: Tšaba Molimo oa ’nete+ ’me u boloke litaelo tsa hae.+ Etsoe sena ke sohle seo motho a tlamehang ho se etsa.
5 Empa ke tla le bontša eo le lokelang ho mo tšaba: Tšabang eo+ ka mor’a ho bolaea a nang le matla a ho lahlela Gehena.+ E, kea le bolella, le tšabe+ Enoa.
4 Jehova,+ ka sebele ke mang ea ke keng a u tšaba,+ ’me a tlotlisa lebitso la hao,+ hobane ke uena feela ea tšepahalang?+ Etsoe lichaba kaofela li tla tla ’me li rapele ka pel’a hao,+ hobane melao-taelo ea hao e lokileng e bonahalitsoe.”+