15 Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona a ’na a romeletsa khahlanong le bona ka manģosa+ a hae, a romeletsa nako le nako, hobane o ne a qenehela batho+ ba hae le sebaka sa hae sa bolulo.+
13 Joale ka lebaka la hore le ’nile la etsa mesebetsi ena eohle,’ ho bolela Jehova, ‘’me ke ’nile ka bua le lōna, ke tsoha hoseng ke bua,+ empa ha lea ka la mamela,+ ke ’nile ka le bitsa, empa ha lea ka la araba,+
7 Etsoe ke elelitse baholo-holo ba lōna ka tieo letsatsing la ha ke ba ntša naheng ea Egepeta+ ho fihlela letsatsing lena, ke tsoha hoseng ke eletsa, ke re: “Mamelang lentsoe la ka.”+
10 Sechaba sena se sebe se hanang ho mamela mantsoe a ka,+ se tsamaeang ka manganga a lipelo tsa sona+ le se ntseng se latela melimo e meng e le hore se e sebeletse le ho e inamela,+ le sona se tla ba feela joaloka lebanta lena le sa lokelang letho.’