Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 10:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 “Joale, Uena Iseraele, Jehova Molimo oa hao o batla eng ho uena+ haese hore u tšabe+ Jehova Molimo oa hao, e le hore u tsamaee litseleng tsohle tsa hae+ le ho mo rata+ le ho sebeletsa Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle;+

  • Liproverbia 21:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Ho etsa ho loka le kahlolo hoa rateha ho Jehova ho feta sehlabelo.+

  • Esaia 1:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Ithuteng ho etsa se molemo;+ batlang toka;+ lokisang mohatelli;+ ahlolelang moshanyana ea se nang ntate;+ buellang nyeoe ea mohlolohali.”+

  • Jeremia 22:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Sena ke seo Jehova a se boletseng: “Etsang toka le ho loka, ’me le lopolle ea tlatlapuoang letsohong la molotsana; ’me le se ke la tšoara mojaki leha e le ofe hampe, moshanyana ea se nang ntate kapa mohlolohali.+ Le se ke la ba ntša kotsi.+ Le se ke la tšolla mali leha e le afe a hlokang molato sebakeng sena.+

  • Ezekiele 45:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ho lekane ka lōna, marenana a Iseraele!’+

      “‘Tlosang pefo le tlatlapo,+ ’me le etse toka le ho loka.+ Tlosang ho tlatlapa ha lōna ho sechaba sa ka,’+ ho bolela ’Musi Morena Jehova.

  • Hosea 12:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 “Ha e le uena, u lokela ho khutlela ho Molimo oa hao,+ u boloke mosa o lerato+ le toka;+ ’me u ke u tšepe Molimo oa hao kamehla.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela