Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 34:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 ea bolokelang ba likete mosa o lerato,+ ea tšoarelang phoso le tlōlo le sebe,+ empa ho hang a ke ke a lokolla kotlong,+ ea tlisang kotlo bakeng sa phoso ea bo-ntate ho bara le ho litloholo, ho moloko oa boraro le moloko oa bone.”+

  • Nehemia 9:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Kahoo ba hana ho mamela,+ ’me ha baa ka ba hopola+ liketso tsa hao tse hlollang tseo u ileng ua li etsa ka bona, empa ba satalatsa melala ea bona+ ’me ba beha eo e leng hlooho+ hore ba khutlele bohlankeng ba bona Egepeta. Empa u Molimo oa liketso tsa tšoarelo,+ ea mosa+ le ea mohau,+ ea liehang ho halefa+ le ea tletseng+ mosa o lerato, ’me ha ua ka ua ba tlohela.+

  • Pesaleme 65:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  3 Lintho tse phoso li bile matla ho mpheta.+

      Ha e le litlōlo tsa rōna, u tla li koahela.+

  • Pesaleme 86:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  5 Etsoe, Jehova, u molemo+ ’me u itokiselitse ho tšoarela;+

      Mosa o lerato ho bohle ba ipiletsang ho uena o mongata.+

  • Esaia 1:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 “Joale, tloong ’me re lokiseng litaba pakeng tsa rōna,” ho bolela Jehova.+ “Le hoja libe tsa lōna li ka ba joaloka sekareleta, li tla soeufala joaloka lehloa;+ le hoja li ka ba khubelu joaloka lesela la krimsone, li tla tšoana le boea.

  • Esaia 44:22
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 Ke tla hlakola litlōlo tsa hao joalokaha eka ke ka leru, le libe tsa hao joalokaha eka ke ka leru.+ U khutlele ho ’na,+ etsoe ke tla u rekolla.+

  • Jeremia 50:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 “Matsatsing ao le ka nako eo,”+ ho bolela Jehova, “phoso ea Iseraele e tla batloa,+ empa e ke ke ea e-ba teng; libe tsa Juda li tla batloa,+ empa li ke ke tsa fumanoa, etsoe ke tla tšoarela bao ke ba sieang.”+

  • Daniele 9:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Mehauhelo+ le liketso tsa tšoarelo+ ke tsa Jehova Molimo oa rōna, kaha re mo fetohetse.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela