17 “U se ke ua lakatsa ntlo ea oa heno. U se ke ua lakatsa mosali oa oa heno,+ leha e le lekhoba la hae kapa lekhabunyane la hae kapa poho ea hae kapa esele ea hae kapa ntho leha e le efe ea oa heno.”+
2 Kahoo Akabe a bua le Nabothe, a re: “Mphe+ serapa sa hao sa morara,+ e le hore e ka ba serapa+ sa ka sa meroho,+ kaha se haufi le ntlo ea ka; sebakeng sa sona e-re ke u fe serapa sa morara se molemo ho se feta. Kapa haeba ho le molemo mahlong a hao,+ ke tla u fa chelete e le theko ea sona.”
11 Ka kōpo, le busetse ho bona letsatsing lena masimo a bona,+ lirapa tsa bona tsa morara, meru ea bona ea mehloaare le matlo a bona, le karolo ea lekholo ea chelete le lijo-thollo, veine e ncha le oli eo le e batlang e le phaello ho bona.”
29 Sechaba se ntšetsa pele morero oa bolotsana ka ho nka ka mahahapa+ ’me se rusolotse ka tlatlapo,+ se tšoere ea hlorileng le mofutsana hampe,+ ’me se etselitse mojaki bolotsana ho se na toka.’+