Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 53:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Empa Jehova o ile a thabela ho mo sithabetsa;+ o ile a mo kulisa.+ Haeba u tla beha moea oa hae e le nyehelo+ ea molato, o tla bona bana ba hae,+ o tla lelefatsa matsatsi a hae,+ ’me se thabeloang+ ke Jehova se tla atleha letsohong la hae.+

  • Daniele 9:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 “Ho na le libeke tse mashome a supileng tse etselitsoeng qeto holim ’a sechaba sa heno+ le holim ’a motse oa heno o halalelang,+ e le hore ho felisoe tlōlo,+ le ho felisa sebe,+ le ho koahela phoso,+ le ho tlisa ho loka ho isa linakong tse sa lekanyetsoang,+ le ho beha tiiso+ ponong le ho moprofeta, le ho tlotsa Sehalalelo sa Lihalalelo.+

  • 2 Bakorinthe 5:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 Ea sa kang a tseba sebe+ o ile a mo etsa hore e be sebe+ bakeng sa rōna, e le hore re ka ba ho loka+ ha Molimo ka eena.

  • Bagalata 3:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Kreste ka ho re reka+ o ile a re lokolla+ thohakong ea Molao ka ho fetoha thohako+ bakeng sa rōna, hobane ho ngoliloe: “Ho rohakoe motho e mong le e mong ea fanyehoang thupeng.”+

  • Tite 2:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 ea ileng a inehela+ bakeng sa rōna e le hore a ka re lopolla+ tlōlong ea molao ea mofuta o mong le o mong le ho itlhoekisetsa+ sechaba seo ka ho khethehileng e leng sa hae,+ se chesehelang mesebetsi e metle.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela