2 Bakorinthe
5 Etsoe rea tseba hore haeba ntlo+ ea rōna ea lefatše, tente+ ena, e ka qhaqhoa,+ re tla ba le mohaho o tsoang ho Molimo, ntlo e sa etsoang ka matsoho,+ ea ka ho sa feleng+ maholimong. 2 Etsoe ka sebele ntlong ena ea bolulo rea bobola,+ re lakatsa ka tieo ho apara ea rōna e tsoang leholimong,+ 3 e le hore, ha re se re e apere, re tle re se ke ra fumanoa re hlobotse.+ 4 Ha e le hantle, rōna ba leng tenteng ena rea bobola, kaha re imetsoe; hobane ha re batle ho e hlobola, empa re batla ho apara e ’ngoe,+ e le hore se shoang se ka metsoa ke bophelo.+ 5 Joale ea ileng a re hlahisa bakeng sa ntho eona ena ke Molimo,+ ea ileng a re fa pontšo+ ea se tlang ho tla, ke hore, moea.+
6 Ka hona kamehla re sebete ’me rea tseba hore, ha re ntse re e-na le lehae la rōna ’meleng, ha re eo ho Morena,+ 7 etsoe re tsamaea ka tumelo, eseng ka pono.+ 8 Empa re sebete ’me ho e-na le hoo re khahloa ke ho ba sieo ’meleng le ho etsa lehae la rōna le Morena.+ 9 Ka hona sepheo sa rōna e boetse ke hore, ebang re na le lehae la rōna le eena kapa re ntse re le sieo ho eena,+ re ka amoheleha ho eena.+ 10 Etsoe kaofela re tla bonahatsoa ka pel’a setulo sa kahlolo sa Kreste,+ e le hore e mong le e mong a ka fumana moputso oa hae bakeng sa lintho tse entsoeng ka ’mele, ho ea ka lintho tseo a ’nileng a tloaela ho li etsa, ebang li molemo kapa li mpe.+
11 Ka hona, ka ho tseba tšabo+ ea Morena, re ntse re susumetsa+ batho, empa re bonahalitsoe ho Molimo. Leha ho le joalo, ke tšepa hore re bonahalitsoe le matsoalong a lōna.+ 12 Ha re ipuelle+ hape ho lōna, empa re le fa tlhohlelletso ea ho ithorisa mabapi le rōna,+ e le hore le ka ba le karabo bakeng sa ba ithorisang ka ponahalo+ ea ka ntle empa e se ka pelo.+ 13 Etsoe haeba re ne re lahlehetsoe ke likelello,+ e ne e le bakeng sa Molimo; haeba re hlaphohetsoe likelellong,+ ke bakeng sa lōna. 14 Etsoe lerato leo Kreste a nang le lona lea re qobella, hobane sena ke seo re se ahlotseng, hore motho a le mong o ile a shoela bohle;+ kahoo, joale, bohle ba ne ba shoele; 15 o ile a shoela bohle e le hore ba phelang ba se ke ba hlola ba iphelela,+ empa ba phelele ea+ ileng a ba shoela ’me a tsosoa.+
16 Ka lebaka leo ho tloha joale ho ea pele ha ho motho eo re mo tsebang ho ea ka nama.+ Esita le haeba re tsebile Kreste ho ea ka nama,+ ka sebele hona joale ha re sa mo tseba joalo.+ 17 Ka lebaka leo haeba leha e le mang a le bonngoeng le Kreste, ke pōpo e ncha;+ lintho tsa khale li fetile,+ bonang! lintho tse ncha li teng.+ 18 Empa lintho tsohle li tsoa ho Molimo, ea ileng a re boelanya+ le eena ka Kreste ’me a re fa bosebeletsi+ ba poelano, 19 e leng hore Molimo ka Kreste+ o ne a boelanya lefatše+ le eena,+ a sa ba balle litšito+ tsa bona, ’me o ile a re fa lentsoe+ la poelano.+
20 Ka hona re+ manģosa+ a emeng bakeng sa Kreste,+ joalokaha eka Molimo o ne a etsa kōpo e tiileng ka rōna.+ Re le baemeli ba Kreste rea kōpa:+ “Boelanang le Molimo.” 21 Ea sa kang a tseba sebe+ o ile a mo etsa hore e be sebe+ bakeng sa rōna, e le hore re ka ba ho loka+ ha Molimo ka eena.