31 Hobane o behile letsatsi leo ka lona a rerang ho ahlola+ ka ho loka lefatše leo ho ahiloeng ho lona ka monna eo a mo behileng, ’me o fane ka tiiso ho batho bohle ka hore o mo tsositse+ bafung.”
16 hobane Morena o tla theoha leholimong+ ka mohoo o laelang, ka lentsoe la lengeloi le ka sehloohong+ le ka terompeta ea Molimo,+ ’me ba shoeleng bonngoeng le Kreste ba tla tsoha pele.+
12 Ka bona bafu, ba baholo le ba banyenyane,+ ba eme ka pel’a terone, ’me meqolo ea buloa. Empa moqolo o mong oa buloa; ke moqolo oa bophelo.+ Bafu ba ile ba ahloloa ka lintho tse ngotsoeng meqolong eo ho ea ka liketso tsa bona.+