Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 53:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Ka lebaka la khathatso ea moea oa hae o tla bona,+ a khotsofale.+ Ka lebaka la tsebo ea hae ea lokileng, mohlanka oa ka,+ o tla tlisa boemo bo lokileng ho batho ba bangata;+ ’me o tla jara liphoso tsa bona.+

  • Jeremia 31:34
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 34 “Ha ba sa tla hlola ba ruta e mong le e mong motsoalle oa hae le e mong le e mong mor’abo,+ ba re, ‘Tsebang Jehova!’+ etsoe ba tla ntseba kaofela, ho tloha ho e monyenyane ho ea ho e moholo ho bona,”+ ho bolela Jehova. “Etsoe ke tla tšoarela liphoso tsa bona, ’me ha ke sa tla hlola ke hopola libe tsa bona.”+

  • Ezekiele 34:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 Ke tla li hlahisetsa molisa a le mong,+ ’me o tla li fepa, eena mohlanka oa ka Davida.+ O tla li fepa, ’me e tla ba molisa oa tsona.+

  • Daniele 9:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 “Ho na le libeke tse mashome a supileng tse etselitsoeng qeto holim ’a sechaba sa heno+ le holim ’a motse oa heno o halalelang,+ e le hore ho felisoe tlōlo,+ le ho felisa sebe,+ le ho koahela phoso,+ le ho tlisa ho loka ho isa linakong tse sa lekanyetsoang,+ le ho beha tiiso+ ponong le ho moprofeta, le ho tlotsa Sehalalelo sa Lihalalelo.+

  • Luka 24:27
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 27 ’Me ha a qala ka Moshe+ le Baprofeta+ kaofela a ba hlalosetsa lintho tse amanang le eena ka Mangolong ’ohle.

  • Tšenolo 19:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Eaba ke itihela fatše ka pel’a maoto a lona ho le rapela.+ Empa lea mpolella: “Hlokomela! U se ke ua etsa joalo!+ Ke mpa feela ke le lekhoba-’moho le uena le barab’eno ba nang le mosebetsi oa ho pakela Jesu.+ Rapela Molimo;+ kaha ho paka Jesu ke hona ho bululelang ho profeta.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela