21 e le hore kaofela ba ka ba bang,+ feela joalokaha uena, Ntate, u le bonngoeng le ’na ’me ’na ke le bonngoeng le uena,+ e le hore le bona ba ka ba bonngoeng le rōna,+ e le hore lefatše le ka lumela hore u nthomile.+
7 Lumelisang Andronikase le Juniase beng ka ’na+ le baholehuoa-’moho+ le ’na, bao e leng banna ba tummeng har’a baapostola le ba bileng bonngoeng+ le Kreste halelele ho mpheta.
30 Empa ke ka lebaka la hae le leng bonngoeng le Kreste Jesu, eo ho rōna a fetohileng bohlale+ bo tsoang ho Molimo, le ho loka+ le khalaletso+ le tokollo ka thekollo;+
14 Etsoe barab’eso, le bile baetsisi ba liphutheho tsa Molimo tse leng Judea bonngoeng le Kreste Jesu, hobane le lōna le ile la qala ho utloisoa bohloko+ matsohong a batho ba naha ea habo lōna ke lintho tse tšoanang le tseo le bona ba utloisoang bohloko ke tsona matsohong a Bajuda,