Baroma
16 Ke buella ho lōna Fibi morali’abo rōna, eo e leng mosebeletsi+ oa phutheho e Senkrea,+ 2 e le hore le ka mo amohela+ Moreneng ka tsela e tšoanelang bahalaleli, le hore le ka mo thusa tabeng leha e le efe eo a ka le hlokang ho eona,+ etsoe hape e ile ea e-ba mosireletsi oa ba bangata, e, oa ka.
3 Ntumelisetseng Priska le Akuila+ basebetsi-’moho+ le ’na ho Kreste Jesu, 4 ba ipehileng kotsing+ bakeng sa moea oa ka, bao e seng ’na feela ea ba lebohang+ empa le liphutheho tsohle tsa lichaba; 5 ’me le lumelise phutheho e leng ka tlung+ ea bona. Lumelisang Epinitase oa ka ea ratoang, eo e leng litholoana tsa pele+ tsa Asia bakeng sa Kreste. 6 Lumelisang Maria, ea entseng mesebetsi e mengata bakeng sa lōna. 7 Lumelisang Andronikase le Juniase beng ka ’na+ le baholehuoa-’moho+ le ’na, bao e leng banna ba tummeng har’a baapostola le ba bileng bonngoeng+ le Kreste halelele ho mpheta.
8 Ntumelisetseng+ Ampliatase moratuoa oa ka Moreneng. 9 Lumelisang Erbanase mosebetsi-’moho le rōna ho Kreste, le Stakise oa ka ea ratoang. 10 Lumelisang+ Apelese, ea amohelehang ho Kreste. Lumelisang ba ntlo ea Aristobulase. 11 Lumelisang Herodione mong ka ’na.+ Lumelisang ba ntlo ea Narsisase ba leng Moreneng.+ 12 Lumelisang Tryfina le Tryfosa, basali ba sebetsang ka thata Moreneng. Lumelisang Persise moratuoa oa rōna, kaha o ile a etsa mesebetsi e mengata Moreneng. 13 Lumelisang Rufase mokhethoa Moreneng, le ’mè oa hae le oa ka. 14 Lumelisang Asinkritase, Flegone, Hermese, Patrobase, Hermase, le barab’abo rōna ba nang le bona. 15 Lumelisang Filologase le Julia, Nerease le morali’abo, le Olympase, le bahalaleli bohle ba nang le bona.+ 16 Lumelisanang ka kako+ e halalelang. Liphutheho tsohle tsa Kreste lia le lumelisa.
17 Joale kea le eletsa, barab’eso, hore le ’ne le behe leihlo ho ba bakang likarohano+ le maemo a bakang ho khoptjoa khahlanong le thuto+ eo le ithutileng eona, ’me le ba qobe.+ 18 Kaha batho ba mofuta oo hase makhoba a Morena oa rōna Kreste, empa ke makhoba a limpa+ tsa ’ona; ’me ka puo e qhekellang+ le puo e rorisang+ ba eka lipelo tsa ba se nang mano. 19 Etsoe ho mamela ha lōna ho tlile tlhokomelong ea bohle.+ Ka hona kea thaba ke lōna. Empa ke batla hore le be bohlale+ mabapi le se molemo, empa le hloke molato+ mabapi le se sebe.+ 20 Molimo ea fanang ka khotso+ o tla silakanya Satane+ ka tlas’a maoto a lōna haufinyane. E se eka mosa o sa tšoanelang oa Morena oa rōna Jesu o ka ba le lōna.+
21 Timothea mosebetsi-’moho le ’na oa le lumelisa, le Lusiase le Jasone le Sosipatere beng ka ’na+ baa le lumelisa.
22 ’Na, Tershiase, ea ngotseng lengolo lena, kea le lumelisa Moreneng.
23 Gaiase,+ moamoheli oa ka boeting le oa phutheho eohle, oa le lumelisa. Erastase motsamaisi oa motse+ oa le lumelisa, le Kortase mor’abo oa le lumelisa. 24 ——
25 Joale ho ea+ ka le tiisang tumellanong le litaba tse molemo tseo ke li bolelang le ho bolela ka Jesu Kreste, ho ea ka tšenolo ea sephiri se halalelang+ seo ho lutsoeng ho khutsitsoe ka sona ka linako tse tšoarellang halelele 26 empa joale se bonahalitsoe+ ’me se tsebahalitsoe ka mangolo a boprofeta har’a lichaba tsohle tumellanong le taelo ea Molimo ea sa feleng ea ho ntšetsa pele ho mamela ka tumelo;+ 27 ho Molimo, ea bohlale a le mong,+ e be khanya+ ka Jesu Kreste+ ka ho sa feleng. Amen.