-
2 Samuele 5:23, 24Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
23 Eaba Davida o botsa Jehova empa a mo araba a re: “U se ke oa nyolohela ho bona ka ho toba. Empa u ba pote ka morao ’me u ba hlasele u hlaha ka pel’a lihlahla tsa bak’ha. 24 Ha u utloa lerata la masole a tsamaeang holim’a lihlahla tsa bak’ha, u a hlasele hang-hang hobane Jehova o tla be a u eteletse pele ho ea bolaea masole a Bafilista.”
-
-
2 Marena 6:15, 16Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
15 Ha mosebeletsi* oa mohlanka oa Molimo oa ’nete a tsoha hoseng ’me a tsoela ka ntle, a bona motse o pota-potiloe ke masole a palameng lipere le likariki tsa ntoa. A re ho Elisha: “Moren’a ka, re etse’ng?” 16 Elisha a re: “U se ke oa tšoha+ hobane ba nang le rona ba bangata ho feta ba nang le bona.”+
-