Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Samuele 2:12-17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Bara ba Eli ba ne ba le khopo,+ ba sa hlomphe Jehova. 13 Ho e-na le hore ba nke karolo ea bona sehlabelong se tlisitsoeng ke batho,+ ba ne ba etsa tjena: Neng kapa neng ha motho leha e le ofe a nyehela sehlabelo, mohlanka oa moprista o ne a tla a nkile fereko e meno a mararo ha nama e ntse e phehiloe 14 ebe o hlaba ka eona ka sekotlolong kapa ka pitseng e mehele e ’meli kapa ka k’hasteroleng kapa ka pitseng e mohele o mong. Ntho leha e le efe eo fereko e neng e e ntša, moprista o ne a inkela eona. Ba ne ba etsa joalo ho Baiseraele bohle ba neng ba tla Shilo. 15 Hape, le pele motho ea etsang sehlabelo a ka chesa mafura hore a kubelle,+ mohlanka oa moprista o ne a tla ho eena ’me a re: “Fa moprista nama eo a tla e besa. A ke ke a nka nama e phehiloeng ho uena, o tla nka e tala feela.” 16 Ha motho eo a ne a re ho eena: “E-re ba chese mafura hore a kubelle pele,+ ebe ka mor’a moo u inkela eng kapa eng eo u e batlang,” mohlanka oa moprista o ne a re: “Che, mphe eona hona joale, ho seng joalo ke tla e nka ka nkane.” 17 Kahoo, sebe sa bahlanka bao sa e-ba seholo haholo mahlong a Jehova+ hobane ba ne ba sa hlomphe nyehelo ea Jehova.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela