-
Levitike 24:7-9Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
7 U behe libano tse tšoeu tse hloekileng holim’a sehlopha ka seng ’me li tla tšoantšetsa bohobe ba karolo e emelang nyehelo eohle*+ e chesetsoang Jehova. 8 Ka Sabatha e ’ngoe le e ’ngoe, u bo hlophise ka pel’a Jehova kamehla.+ Ke selekane sa ka ho sa feleng le Baiseraele. 9 Bohobe boo e tla ba ba Arone le bara ba hae+ ’me ba tla bo jella sebakeng se halalelang+ hobane ke ntho e halalelang ka ho fetisisa bakeng sa hae linyehelong tsa Jehova tse chesoang ka mollo. Ke molao o tla lula o le teng.”
-
-
Mareka 2:25, 26Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
25 Jesu a re ho bona: “Na ha lea ka la bala hore na Davida o ile a etsa’ng ha eena le banna ba neng ba e-na le eena ba lapile?+ 26 Tlaleho e buang ka moprista e moholo Abiathare+ e re Davida o ile a kena ka tlung ea Molimo, a ja bohobe bo halalelang* boo ho sa lumelloeng ke molao hore motho leha e le mang a bo je haese baprista.+ A bo fa le banna ba neng ba e-na le eena.”
-