31 Bona, matsatsi aa tla ao ka ’ona ke tla felisa matla* a hao le a ba ntlo ea ntate oa hao ’me ho ba ntlo ea hao ha ho na ea tla fihla lilemong tsa botsofali.+
3 Ha batho ba khutla ntoeng, baholo ba Iseraele ba re: “Ke hobane’ng ha Jehova a lumeletse hore Bafilista ba re hlole kajeno?*+ A re tsamaeeng ka areka ea selekane sa Jehova e Shilo+ e le hore e be le rona ’me e re pholose ho lira tsa rona.”
17 Monna eo ea tlisitseng litaba a re: “Baiseraele ba balehile Bafilista hobane ba hlotsoe ’me ba bangata ba bona ba bolauoe.+ Hape bara ba hao ba babeli e leng Hofni le Finease ba shoele+ ’me Areka ea Molimo oa ’nete e hapuoe.”+