Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Samuele 5:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Nakong e fetileng ha Saule e ne e le morena oa rona, ke uena ea neng a etella Iseraele pele ha e il’o loana.*+ Jehova o itse ho uena: ‘U tla lisa sechaba sa ka sa Iseraele ’me u tla ba moeta-pele oa Iseraele.’”+

  • 1 Likronike 17:7-10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 E-re ho mohlanka oa ka Davida, ‘Jehova oa mabotho o re: “Ke u nkile naheng moo u neng u lisa mohlape, ka u etsa moeta-pele oa sechaba sa ka sa Iseraele.+ 8 Ke tla ba le uena kae kapa kae moo u eang teng+ ’me ke felise lira tsohle tsa hao.+ Ke tla etsa hore lebitso la hao le tsebahale, le be joaloka mabitso a batho ba tummeng lefatšeng.+ 9 Ke tla khethela sechaba sa ka sa Iseraele sebaka ’me se tla lula moo. Ha ho sa tla hlola ho e-ba le batho ba tla se tšoenya. Banna ba khopo ba ke ke ba se hatella* hape joaloka pele,+ 10 ho tloha letsatsing leo ke khethelang sechaba sa ka sa Iseraele baahloli.+ Ke tla hlola lira tsohle tsa hao.+ Hape, kea u bolella, ‘Jehova o tla u hahela ntlo.’*

  • 1 Likronike 28:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Leha ho le joalo, Jehova Molimo oa Iseraele o khethile ’na ho bohle ba lelapa la Ntate hore ke be morena oa Iseraele ka ho sa feleng.+ O khethile Juda hore e be moeta-pele,+ ho leloko la Juda a khetha lelapa la ntate oa ka,+ ho bara ba ntate oa ka a khetha ’na hore ke be morena oa Iseraele eohle.+

  • Pesaleme 78:70, 71
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 70 A khetha Davida+ mohlanka oa hae

      Eaba o mo tlosa masakeng a linku,+

      71 Hore a se ke a hlola a hlokomela linku tse anyesang.

      A mo etsa molisa oa Jakobo e leng sechaba sa hae+

      Le oa Iseraele e leng lefa la hae.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela