-
1 Samuele 16:11, 12Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
11 Qetellong Samuele a re ho Jese: “Na baa ke bara bohle ba hao?” Eaba o re: “Ho ntse ho e-na le e mong e monyenyane.+ O ntse a lisitse linku.”+ Samuele a re ho Jese: “E-re a latoe hobane re ke ke ra lula fatše ra ja a e-s’o fihle.” 12 Kahoo, a roma motho hore a mo late. O ne a le mofubelu, a e-na le mahlo a matle ’me a le motle.+ Joale Jehova a re: “Ema, u mo tlotse hobane enoa ke eena.”+
-
-
2 Samuele 7:8-11Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
8 E-re ho mohlanka oa ka Davida, ‘Jehova oa mabotho o re: “Ke u nkile naheng moo u neng u lisa mohlape,+ ka u etsa moeta-pele oa sechaba sa ka sa Iseraele.+ 9 Ke tla ba le uena kae kapa kae moo u eang teng+ ’me ke felise lira tsohle tsa hao.+ Ke tla etsa hore lebitso la hao le tsebahale+ le be joaloka mabitso a batho ba tummeng lefatšeng. 10 Ke tla khethela sechaba sa ka sa Iseraele sebaka ’me se tla lula moo. Ha ho sa tla hlola ho e-ba le batho ba tla se tšoenya. Banna ba khopo ba ke ke ba se hatella hape joaloka pele,+ 11 ho tloha letsatsing leo ke khethelang sechaba sa ka sa Iseraele baahloli.+ Hape ke tla u phomotsa ho lira tsohle tsa hao.+
Jehova o boetse o u boleletse hore Jehova o tla u hahela ntlo.*+
-