Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Marena 16:30, 31
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 30 Akabe mora oa Omri a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova ho feta marena ’ohle a busitseng pele ho eena.+ 31 O ne a etsa libe tseo Jeroboame+ mora oa Nebate a li entseng. O ile a boela a nyala Jezebele+ morali oa Ethebaale morena oa Basidone+ ’me a sebeletsa Baale+ le ho mo rapela.

  • 2 Marena 3:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Jorame+ mora oa Akabe ea e-ba morena oa Baiseraele Samaria ha Morena Josafate a e-na le lilemo tse 18 a busa Juda. Jorame o busitse ka lilemo tse 12.

  • 2 Marena 3:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Empa o ile a etsa libe tseo Jeroboame mora oa Nebate a neng a entse hore Baiseraele ba li etse.+ Ha aa ka a li tlohela.

  • 2 Marena 10:31
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 31 Empa Jehu ha aa ka a mamela Molao oa Jehova Molimo oa Iseraele ka ho felletseng.*+ Ha aa ka a tlohela ho etsa libe tseo Jeroboame a neng a entse hore Baiseraele ba li etse.+

  • 2 Marena 13:1, 2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Ha Joase+ mora oa Akazia+ morena oa Juda a e-na le lilemo tse 23 a busa, Joakaze mora oa Jehu+ ea e-ba morena oa Iseraele e Samaria ’me a busa ka lilemo tse 17. 2 A ’na a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova, a se ke a tlohela ho etsa sebe seo Jeroboame mora oa Nebate a ileng a etsa hore Baiseraele ba se etse.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela