Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Samuele 7:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 E-re ho mohlanka oa ka Davida, ‘Jehova oa mabotho o re: “Ke u nkile naheng moo u neng u lisa mohlape,+ ka u etsa moeta-pele oa sechaba sa ka sa Iseraele.+

  • 2 Samuele 7:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Ha u shoa+ ’me u patoa le baholo-holo ba hao, ke tla etsa hore ngoana* oa hao, mora oa hao* e be morena ea u hlahlamang ’me ke tla tiisa ’muso oa hae.+

  • 1 Likronike 29:23
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 23 Solomone a lula teroneng ea Jehova+ e le morena, a hlahlama ntate oa hae Davida. O ile a atleha ’me Baiseraele bohle ba ne ba mo mamela.

  • 2 Likronike 1:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 1 Solomone mora oa Davida ea e-ba morena ea matla. Jehova Molimo oa hae o ne a e-na le eena ’me a etsa hore a be matla haholo.+

  • Pesaleme 89:36, 37
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 36 Litloholo* tsa hae li tla ba teng ka ho sa feleng.+

      ’Muso oa hae o tla lula o le teng joaloka letsatsi ka pel’a ka.+

      37 O tla lula o le teng ka ho sa feleng

      Feela joalokaha khoeli e lula e le teng* maholimong.” (Selah)

  • Pesaleme 132:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Haeba bara ba hao ba ka boloka selekane sa ka

      Le melao eo ke ba rutang eona,+

      Bara ba bona le bona

      Ba tla lula teroneng ea hao ka ho sa feleng.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1981-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela