Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Likronike 36:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Tsedekia+ o ne a le lilemo li 21 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 11.+

  • 2 Likronike 36:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 O ile a fetohela le Morena Nebukadnezare+ ea neng a entse hore a ikane ka Molimo. A lula a le manganga, a le pelo e thata ’me a hana ho mamela Jehova Molimo oa Iseraele.

  • Jeremia 27:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Ke ile ka bua ka tsela e tšoanang le ho Tsedekia+ morena oa Juda ka re: “Behang melala ea lona tlas’a joko ea morena oa Babilona, le mo sebeletse, le sebeletse le batho ba hae ’me le tla lula le phela.+

  • Jeremia 38:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Joale Jeremia a re ho Tsedekia: “Jehova Molimo oa mabotho, Molimo oa Iseraele, o re: ‘Ha u ka inehela* ho liofisiri tse kholo tsa morena oa Babilona, u ke ke oa shoa. Motse ona o ke ke oa chesoa ka mollo ’me uena le ba ntlo ea hao le ke ke la shoa.+

  • Ezekiele 17:12-15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 “Ke kopa u re ho sechaba seo se sa mameleng, ‘Na ha le utloisise hore na lintho tsee li bolela’ng? Morena oa Babilona o ile a tla Jerusalema a nka morena le likhosana tsa hae eaba o khutlela le tsona Babilona.+ 13 Hape a nka e mong ea tsoang lelokong* la borena+ eaba o etsa selekane le eena a ba a etsa hore a ikane hore o tla se tšepahalla.+ O ile a nka le banna ba hlomphehang ba naha.+ 14 O ne a etsa joalo e le hore ’muso o fokole, o se ke oa hlola o e-ba matla le hore o tle o lule o le teng haeba feela o tšepahalla selekane sa hae.+ 15 Empa morena oa Juda o ile a fetohela morena oa Babilona+ ka hore a romele baromuoa Egepeta ho ea nka lipere+ le masole a mangata.+ Na o tla atleha? Na motho ea etsang lintho tsee o tla tloheloa feela a sa fuoe kotlo? Na o tla tlola selekane ebe ha a fuoe kotlo?+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela