-
2 Samuele 7:18-20Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
18 Eaba Morena Davida oa tla ’me o lula ka pel’a Jehova o re: “ ’Na ke mang Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle? Lelapa la ka e ne e boetse e le eng hore ebe u nketselitse lintho tsee?+ 19 Ho feta moo, Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle, u boetse u bua ka seo u tla se etsetsa lelapa la mohlanka oa hao nakong e tlang. Ena ke taelo* e tla fuoa batho bohle, Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle. 20 ’Na mohlanka oa hao Davida ke tla re’ng ho uena Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle kaha u ntseba hantle?+
-