-
1 Likronike 17:16-22Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
16 Morena Davida a tla ’me a lula ka pel’a Jehova a re: “ ’Na ke mang Jehova Molimo? Lelapa la ka e ne e boetse e le eng hore ebe u nketselitse lintho tsee?+ 17 Ho feta moo, Jehova Molimo, u boetse u bua ka seo u tla se etsetsa lelapa la mohlanka oa hao nakong e tlang+ ’me u bone ke le motho ea lokelang ho phahamisoa le ho feta.* 18 ’Na mohlanka oa hao Davida ke tla re’ng ka tlotla eo u mphileng eona kaha u tseba mohlanka oa hao hantle?+ 19 Jehova, ka lebaka la mohlanka oa hao le ka hobane u ne u batla,* u entse lintho tsena tsohle tse kholo ’me oa senola boholo ba hao.+ 20 Jehova, ha ho na ea tšoanang le uena+ ’me ha ho Molimo ntle ho uena.+ Lintho tsohle tseo re li utloileng ka litsebe tsa rona li paka sena. 21 Ke sechaba sefe lefatšeng se tšoanang le sechaba sa hao sa Iseraele?+ Uena Molimo oa ’nete, u ile oa se lopolla hore e be sechaba sa hao.+ U iketselitse lebitso ka liketso tsa hao tse kholo le tse makatsang,+ oa leleka lichaba ka pel’a batho ba hao+ bao u ba lopolotseng Egepeta. 22 U entse hore sechaba sa Iseraele e be sechaba sa hao ka ho sa feleng+ ’me uena Jehova, o ile oa ba Molimo oa sona.+
-