Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Samuele 7:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 E-re ho mohlanka oa ka Davida, ‘Jehova oa mabotho o re: “Ke u nkile naheng moo u neng u lisa mohlape,+ ka u etsa moeta-pele oa sechaba sa ka sa Iseraele.+

  • 2 Samuele 7:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Ha u shoa+ ’me u patoa le baholo-holo ba hao, ke tla etsa hore ngoana* oa hao, mora oa hao* e be morena ea u hlahlamang ’me ke tla tiisa ’muso oa hae.+

  • 1 Marena 2:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Jehova o tla etsa seo a ntšepisitseng sona ha a ne a re: ‘Haeba bara ba hao ba ka lula ba ntšepahalla ka lipelo tsohle tsa bona le ka moea*+ oohle oa bona, ho tla lula ho e-na le e mong oa leloko la hao* ea lutseng teroneng ea Iseraele.’+

  • 1 Marena 9:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 ke tla tiisa terone ea ’muso oa hao Iseraele ka ho sa feleng feela joalokaha ke tšepisitse ntate oa hao Davida ka re, ‘Ho tla lula ho e-na le e mong oa leloko la hao ea lutseng teroneng ea Iseraele.’+

  • Pesaleme 89:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Ke fumane mohlanka oa ka Davida.+

      Ke mo tlotsitse ka oli ea ka e halalelang.+

  • Pesaleme 89:29
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 29 Ke tla etsa hore litloholo* tsa hae li lule li le teng ka ho sa feleng

      Le ’muso oa hae o lule o le teng joaloka maholimo.+

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela