Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 7:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Ho e-na le hoo, le etse tjena ho lichaba tseo: Le heletse lialetare tsa tsona, le lihe lipilara tsa tsona tse halalelang,+ le khaole lipalo tsa tsona tse halalelang*+ ’me le chese le litšoantšo tsa tsona tse betliloeng.+

  • 2 Marena 18:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 Ha Hoshea mora oa Ela morena oa Iseraele a e-na le lilemo tse tharo a busa,+ Ezekiase+ mora oa Morena Akaze+ oa Juda ea e-ba morena.

  • 2 Marena 18:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Ke eena ea ileng a tlosa libaka tse phahameng,+ a pshatla lipilara tse halalelang a ba a khaola palo e halalelang.*+ A boela a pshatla noha ea koporo* eo Moshe a neng a e entse+ hobane ho fihlela ka nako eo, Baiseraele ba ne ba e etsetsa sehlabelo se kubellang mosi ebile ba e bitsa setšoantšo se rapeloang sa noha ea koporo.

  • 2 Likronike 14:2, 3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Asa o ile a etsa lintho tse ntle le tse thabisang Jehova Molimo oa hae. 3 A tlosa lialetare tsa melimo e meng+ le libaka tse phahameng, a thuha lipilara tse halalelang+ a ba a khaola lipalo tse halalelang.+

  • 2 Likronike 34:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 34 Josiase+ o ne a le lilemo li robeli ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 31.+

  • 2 Likronike 34:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Ha a e-na le lilemo tse robeli a busa, e sa le moshanyana, a qala ho sebeletsa Molimo oa moholo-holo oa hae Davida.+ Ha a e-na le lilemo tse 12 a busa, a hloekisa Juda le Jerusalema+ ka hore a tlose libaka tse phahameng+ le lipalo tse halalelang, litšoantšo tse rapeloang+ le litšoantšo tsa tšepe.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela