Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 18:24
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 24 Le se ke la itšilafatsa ka ntho leha e le efe ea tsena hobane lichaba tseo ke li lelekang ka pel’a lona li itšilafalitse ka tsona.+

  • Deuteronoma 12:30, 31
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 30 le itlhokomele hore le se ke la latela litsela tsa tsona ka mor’a hore li felisoe ka pel’a lona. Le se ke la botsa ka melimo ea tsona la re, ‘Lichaba tsee li ne li sebeletsa melimo ea tsona joang? Le rona re tla etsa se tšoanang.’+ 31 Le se ke la rapela Jehova Molimo oa lona ka tsela eo hobane lichaba tseo li etsetsa melimo ea tsona ntho e ’ngoe le e ’ngoe e nyonyehang eo Jehova a e hloileng, esita le ho chesa bara le barali ba tsona mollong bakeng sa melimo ea tsona.+

  • Deuteronoma 18:9-11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Ha le se le kene naheng eo Jehova Molimo oa lona a le fang eona, le se ke la etsisa lichaba tseo eaba le etsa lintho tse nyonyehang.+ 10 Har’a lona ho se ke ha e-ba le motho leha e le ofe ea etsang sehlabelo ka ho chesa ngoana oa hae,+ ea sebelisang bonohe,+ ea sebelisang boselamose,+ ea batlang lipontšo tsa se tlang,+ moloi,+ 11 ea betsang ba bang ka mantsoe a boloi, ea batlang keletso ho mang kapa mang ea reng o buisana le balimo,+ ea reng o bolela liketsahalo esale pele*+ kapa ea botsang bafu.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela