Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Marena 21:20, 21
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Akabe a re ho Elia: “U mphumane sera sa ka!”+ Elia a re: “Ke u fumane. ‘Kaha u ikemiselitse ho etsa lintho tse sa thabiseng Jehova,+ 21 ke u tlisetsa mathata. Ke tla u bolaea ke be ke bolaee le banna bohle* ba tsoang lelapeng la hao,+ ho akarelletsa le motho ea se nang thuso le ea se nang matla Iseraele.+

  • 1 Marena 22:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Morena oa Iseraele a re ho Josafate: “Ho na le monna e mong eo re ka mo botsang hore na Jehova o re’ng ka taba ena.+ Empa ke mo hloile+ hobane ha ho na mohla a profetang lintho tse ntle ka ’na, o lula a profeta tse mpe feela.+ Ke Mikaia mora oa Imla.” Josafate a re: “Morena ha aa lokela ho bua ka tsela ena.”

  • 2 Likronike 25:15, 16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Jehova a halefela Amazia ’me a romela moprofeta hore a re ho eena: “Ke hobane’ng ha u rapela melimo e hlolehileng ho loanela batho ba eona?”+ 16 Ha moprofeta a ntse a bua, morena a re: “Ho tloha neng u le moeletsi oa ka?+ Thola!+ Ho seng joalo ke tla u bolaea.” Moprofeta a thola empa a re: “Kea tseba hore Molimo o tl’o u bolaea hobane u entse ketso ena, ha oa mamela keletso ea ka.”+

  • Matheu 7:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Le se ke la fa lintja lintho tse halalelang kapa la lahlela liperela tsa lona ka pel’a likolobe+ e le hore le ka mohla li se ke tsa hatakela liperela ka maoto eaba lia le hlasela.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela