Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jeremia 2:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  8 Baprista ha baa ka ba re: ‘A re tšepeng Jehova.’*+

      Ba neng ba lokela ho ruta molao ha baa ka ba ntseba.

      Balisa ba mphetohetse,+

      Baprofeta ba profetile ka Baale,+

      Ba latetse melimo e ke keng ea ba thusa.

  • Jeremia 8:10-12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Ka hona, ke tla fa banna ba bang basali ba bona,

      Masimo a bona ke a fe batho ba bang.+

      Etsoe ho tloha ho mofutsana ho ea ho morui, e mong le e mong o ithuisa ka bolotsana.+

      Ho tloha ho moprofeta ho ea ho moprista, kaofela ba etsa bobolu.+

      11 Ba leka ho folisa morali oa sechaba sa ka ea sithabetseng ka hore feela ba re:

      “Khotso e teng! Khotso e teng!”

      Empa khotso e le sieo.+

      12 Na batho ba ka ba soabetse lintho tse nyonyehang tseo ba li entseng?

      Ha ba soabe ho hang!

      Ha ba tsebe le hore na ho soaba ke ntho e joang.+

      Ka hona, ba tla oela har’a ba oeleng.

      Ha ke ba otla ba tla khothometseha,’+ ke Jehova ea chong.

  • Jeremia 23:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 “Moprofeta le moprista ba silafetse.*+

      Le ka tlung ea ka ke fumane ba etsa bolotsana,”+ ke Jehova ea chong.

  • Mikea 3:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  5 Jehova o re ho baprofeta ba khelosang batho ba hae,+

      Ba reng ‘Khotso,’+ ha ba e-na le seo ba ka se hlafunang+

      Empa ha motho a sa ba fe seo ba ka se hlafunang, baa mo loantša:

  • Mikea 3:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Baeta-pele* ba hae ba batla ho fuoa tjotjo hore ba ahlole,+

      Baprista ba hae ba batla chelete hore ba rute,+

      Baprofeta ba hae bona ba sebelisa bonohe hore ba fumane chelete.*+

      Leha ho le joalo, ba tšepile Jehova* ba re:

      “Jehova o na le rona.+

      Ha ho na tlokotsi e tla re hlahela.”+

  • Sofonia 3:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  4 Baprofeta ba teng ke balotsana ba ikakasang.+

      Baprista ba teng bona ba silafatsa ntho e halalelang,+

      Ba tlola molao.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela