Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 27:41, 42
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 41 Esau a hloea Jakobo ka lebaka la tlhohonolofatso eo ntate oa hae a mo fileng eona+ ’me Esau a ’na a re ka pelong: “E se khale Ntate o tla shoa.+ Ka mor’a moo, ke tla bolaea ngoan’eso Jakobo.” 42 Ha Rebeka a bolelloa mantsoe a Esau mora oa hae e moholo, a re ho bitsoe Jakobo mora oa hae e monyenyane eaba o re ho eena: “Abuti oa hao Esau o rera ho iphetetsa ka hore a u bolaee.*

  • Numere 20:20, 21
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Ho ntse ho le joalo a re: “Le se ke la feta.”+ Eaba morena oa Edomo oa tsoa ho tla kopana le bona a e-na le batho ba bangata le lebotho la sesole* le matla. 21 Morena oa Edomo a hana ho lumella Baiseraele hore ba fete naheng ea hae. Kahoo Baiseraele ba mo tlohela.+

  • Pesaleme 83:4-6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  4 Ba re: “Tloong, a re feliseng sechaba sena sohle+

      E le hore lebitso la Iseraele le se ke la hlola le hopoloa.”

       5 Ba loha leano hammoho.

      Ba ikopantse* hore ba u hlasele.+

       6 Ke Baedomo le Baishmaele, Bamoabe+ le Bahagare,+

  • Pesaleme 137:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  7 Jehova, hopola seo Baedomo ba ileng ba se bua

      Letsatsing leo Jerusalema e oeleng ka lona,

      Ha ba ne ba re: “E heletseng! Le e lihe hore e putlame!”+

  • Joele 3:19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Egepeta eona e tla lula e se na baahi,+

      Edomo e fetohe lithako

      Hobane li ile tsa tšoara Bajuda hampe,+

      Bao naheng ea bona ho ileng ha bolaoa batho ba se nang molato.+

  • Amose 1:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Jehova o re:

      ‘Baahi ba Edomo+ ba ntšitetsoe ka makhetlo-khetlo.* Kahoo, nke ke ka fetola qeto eo ke seng ke e entse

      Hobane ba ile ba lelekisa bana ba bo bona ka sabole+

      Eaba ha ba ba hauhele.

      Ba ba ranthanya ba halefile

      Ebile ba lula ba ba halefetse.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela