Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 11:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Letsatsing leo, Jehova o tla ithaopela ho bontša matla a hae ka lekhetlo la bobeli, bakeng sa ho lata batho ba hae ba setseng Asiria,+ Egepeta,+ Pathrose,+ Kushe,+ Elame,+ Shinare,* Hamathe le lihlekehlekeng tsa leoatle.+

  • Jeremia 23:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 “Ke tla bokella linku tsa ka tse setseng linaheng tsohle tseo ke li leleketseng ho tsona.+ Ke tla li khutlisetsa lekhulong la tsona+ ’me li tla ata li ngatafale.+

  • Jeremia 31:7, 8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  7 Etsoe Jehova o re:

      “Binelang Jakobo le thabile,

      Hoeletsang le thabile hobane le phahametse lichaba.+

      Phatlalatsang molaetsa, le rorise Molimo le re:

      ‘Jehova, pholosa sechaba sa hao, Baiseraele ba setseng.’+

       8 Ke tla ba lata ho tsoa naheng ea leboea.+

      Ke tla ba bokella ho tsoa libakeng tse hole-hole tsa lefatše.+

      Har’a bona ho tla ba le lifofu le ba holofetseng,+

      Mosali oa moimana le ea pepang, kaofela ha bona.

      Ba tla khutlela mona e le phutheho e kholo.+

  • Mikea 4:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  6 Jehova o re, “Letsatsing leo,

      Ke tla bokella ea neng a hlotsa,

      Ke phuthe ea neng a hasantsoe+

      Ke be ke phuthe le bao ke ileng ka ba tšoara hampe.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela