-
Mareka 1:29-34Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
29 Ka nako eo, ba tsoa ka tlung ea thapelo* ’me ba ea lapeng la Simone le Andrease ba e-na le Jakobo le Johanne.+ 30 Mohoehali oa Simone*+ o ne a robetse a tšoeroe ke feberu ’me hang-hang ba bolella Jesu ka eena. 31 Jesu a ea ho eena a mo tšoara ka letsoho a mo phahamisa. Mohoehali oa Simone a fola eaba o ba etsetsa lijo.
32 Mantsiboea ha letsatsi le liketse, batho ba mo tlisetsa bohle ba kulang le ba nang le bademona+ 33 ’me motse oohle oa bokana hona moo monyako. 34 Kahoo, a phekola ba bangata ba neng ba tšoeroe ke mafu a sa tšoaneng,+ a leleka le bademona ba bangata. Empa o ne a sa lumelle bademona ho bua hobane ba ne ba tseba hore ke Kreste.*
-
-
Luka 4:38-41Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
38 Jesu a tsoa ka tlung ea thapelo a ea ha Simone. A fumana mohoehali oa Simone* a tšoeroe ke feberu e bohale eaba ba kopa Jesu hore a mo thuse.+ 39 Kahoo, a ema pel’a hae a mo folisa. Hang-hang mohoehali oa Simone a tsoha eaba o ba etsetsa lijo.
40 Empa ha letsatsi le likela, batho bohle ba neng ba e-na le bakuli ba tšoeroeng ke mafu a sa tšoaneng ba tlisa bakuli bao ho eena. O ne a ba folisa ka ho ba beha matsoho.+ 41 Hape o ile a ntša bademona bathong ba bangata. Bademona bao ba ne ba hoeletsa ba re: “U Mora oa Molimo.”+ Empa o ile a ba khalemela ka matla, a sa ba lumelle ho bua+ hobane ba ne ba tseba hore ke Kreste.+
-