Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matheu 17:1-8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Matsatsi a tšeletseng hamorao, Jesu a tsamaea le Petrose, Jakobo le Johanne ngoan’abo ’me a nyolohela le bona thabeng e phahameng ba le bang.+ 2 Chebahalo ea hae ea fetoha ba ntse ba mo shebile. Sefahleho sa hae sa khanya joaloka letsatsi, le liaparo tsa hae tsa phatsima* haholo.+ 3 Ho sa le joalo, ba bona Moshe le Elia ba hlaha ba buisana le Jesu. 4 Eaba Petrose o re ho Jesu: “Morena, ke hantle hore ebe re mona. Haeba u batla, ke tla hloma litente tse tharo mona, e ’ngoe e be ea hao, e ’ngoe e be ea Moshe, e ’ngoe e be ea Elia.” 5 Ha a sa ntse a bua, leru le khanyang la ba koahela. Lentsoe la hlaha lerung leo la re: “Enoa ke Mora oa ka eo ke mo ratang, ea nkhahlisang.+ Mo mameleng.”+ 6 Ha barutuoa ba utloa litaba tsena ba tšoha haholo eaba ba khumama lifahleho li shebile fatše. 7 Jesu a ba atamela eaba oa ba tšoara o re: “Emang. Le se ke la tšoha.” 8 Ha ba sheba holimo, ba bona Jesu a setse a le mong feela.

  • Luka 9:28-36
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 28 Ha ho se ho fetile matsatsi a ka bang robeli a buile mantsoe ao, a tsamaea le Petrose, Johanne le Jakobo ba ea thabeng ho ea rapela.+ 29 Ha a ntse a rapela, sefahleho sa hae sa fetoha ’me liaparo tsa hae tsa e-ba bosoeu bo benyang. 30 Ho ne ho e-na le banna ba babeli ba ntseng ba buisana le Jesu, e ne e le Moshe le Elia. 31 Ba hlaha ba khanya eaba ba qala ho bua ka hore Jesu o tla falla lefatšeng ha a le Jerusalema.+ 32 Petrose le barutuoa ba bang ba ne ba imetsoe ke boroko empa ha ba hlaphoheloa ba bona Jesu a khanya+ a eme le banna ba babeli. 33 Ha banna bao ba itokisetsa ho tloha, Petrose a re ho Jesu: “Mosuoe, ke hantle hore ebe re mona. Joale ha re hlomeng litente tse tharo, e ’ngoe e be ea hao, e ’ngoe e be ea Moshe, e ’ngoe e be ea Elia.” Empa o ne a sa ikutloe hore na o ntse a re’ng. 34 Ha a sa ntse a bua ha hlaha leru, la ba koahela eaba baa tšoha. 35 Lentsoe+ la hlaha lerung leo la re: “Enoa ke Mora oa ka eo ke mo khethileng.+ Mo mameleng.”+ 36 Ha lentsoe leo le hlaha Jesu o ne a se a setse a le mong. Ba thola tu! eaba ba qeta nako ho se motho eo ba mo bolellang ntho eo ba e boneng.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela