-
Matheu 20:17-19Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
17 Ha Jesu a le tseleng e nyolohelang Jerusalema, a nkela barutuoa ba 12 lekunutung eaba o re ho bona:+ 18 “Re nyolohela Jerusalema ’me ba tla nehelana ka Mor’a motho ho baprista ba baholo le bangoli. Ba tla mo ahlolela lefu,+ 19 ba nehelane ka eena ho balichaba hore ba mo some, ba mo shape ba be ba mo bolaele palong.+ O tla tsosoa ka letsatsi la boraro.”+
-
-
Luka 18:31-33Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
31 A nkela baapostola lekunutung eaba o re ho bona: “Re nyolohela Jerusalema ’me lintho tsohle tseo baprofeta ba li ngotseng ka Mor’a motho li tla phethahala.+ 32 Mohlala, ba tla nehelana ka eena ho balichaba,+ a songoe,+ a tšoeloe ka mathe le ho tšoaroa hampe.+ 33 Ba tla mo shapa ba be ba mo bolaee+ empa o tla tsoha ka letsatsi la boraro.”+
-